Kgosi Jehoshafate a haha dikepe tsa kgwebo hore di tle di yo lata kgauta Ofire, empa tsa se ke tsa finyella, hobane di ile tsa pshatlwa ke difefo Esione-Gebere.
“Jwale ra feta ho bana babo rona, bana ba Esau, ba neng ba ahile Seire, ra ya ka tsela e tsamayang phuleng, e tswang Elate le Esione-Gebere. Ra thinya, mme ra nka tsela ya lehwatata la Moabe.