22 Kgauta, le silefera, le lethose, le tshepe, le lekapa, le loto;
22 Kgauta, le silefera, le koporo, le tshepe, le boleke, le loto,
Silla yena a tswala Tubale-Kaine, eo e neng e le lelala la dintho tse entsweng ka lethose le tshepe. Kgaitsedi ya Tubale-Kaine e ne e le Naama.
tshepe yona e tjhekwa e etswa katlasa lefatshe, lethose le fumanwa ka ho qhibidisa moralla.
Bo-Moshe le moprista Eleasare, le mahosana wohle a setjhaba, ba tswa ho kgahlanyetsa mabotho kathoko ho diahelo.
Yaba moprista Eleasare o re ho bahlabani ba tswang ntweng: “Ena ke taelo ya molao, eo Morena a e laetseng Moshe:
le ntho e nngwe le e nngwe e ke keng ya senngwa ke mollo, tsena tsohle le tla di tjhesa mollong, mme di tla hlweka; le be le di hlwekise ka metsi a tlhwekiso. Tsohle tse ke keng tsa tjheswa mollong le tla di kenya metsing.
Empa ha e le silefera, le kgauta, le dijana tse entsweng ka lethose le ka tshepe, ke tsa Morena. Tsona di tla kena letloleng la Morena.”
E bile diphoofolo feela, le thepa ya motse, tseo Baiseraele ba ileng ba ikgapela tsona, ho ya ka taelo ya Morena, eo a ileng a e laela Joshua.