Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 31:14 - BIBELE

14 Moshe a halefela baokamedi ba mabotho wohle, e leng balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, ba neng ba etswa ntweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Moshe a halefela balaodi ba makgotla, le balaodi ba dikete, le balaodi ba makgolo, ba neng ba kgutla ntweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 31:14
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a bala banna ba neng ba ena le yena; ba okamelwa ke balaodi ba bahlabani ba dikete, le balaodi ba ba makgolo.


Moporofeta eo a re ho kgosi: “Morena o bua tjena: ‘Kahobane o lokolotse motho eo ke neng ke rerile hore a timetswe, o tla bolawa bakeng sa hae; le setjhaba sa hao se bolawe bakeng sa setjhaba sa hae.’ ”


Moporofeta wa Modimo a e halefela, a re ho yona: “O ne o tshwanetse ebe o betsitse hahlano kapa hatshelela! O ne o tla hlola Baarame ho fihlela o ba timetsa. Empa jwale o tla ba hlola hararo feela!”


Ha a atamela diahelong, mme a bona namane le metjeko, kgalefo ya Moshe ya tlokoma. A ptjatlanya matlapa a matsohong a hae fatshe, a a pshatlela mosikong wa thaba.


Yaba Arone o re: “Kgalefo ya morena wa ka e se ke ya tlokoma hle! O tseba hore setjhaba sena se sekametse bokgopong.


Jwale Moshe a batla podi ya nyehelo e tlosang sebe, mme a fumana e tjhesitswe. A halefela Eleasare le Itamare, bara ba Arone ba neng ba ntse ba phela, a re:


Moshe e ne e le motho ya mosa haholo ho feta batho bohle ba kileng ba phela lefatsheng.


Bo-Moshe le moprista Eleasare, le mahosana wohle a setjhaba, ba tswa ho kgahlanyetsa mabotho kathoko ho diahelo.


Moshe a re ho bona: “Na le tlohetse basadi bohle hore ba phele?


Jwale baokamedi ba mabotho wohle, e leng balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, ba atamela ho Moshe,


Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile.


E tla ikgethela bona hore e be balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba mashome a mahlano; le ho lema masimo a yona, le ho a kotula; le ho e etsetsa dihlomo tsa ntwa, le dihlomo tsa dikariki tsa yona tsa ntwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ