Numere 29:18 - BIBELE18 Nyehelo ya dijo le dinyehelo tsa seno tse tsamayang le dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, e tla lekana le palo ya tsona, ho ya ka taelo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)18 hammoho le nyehelo le ditshelo tse etsetswang dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, ka palo ya tsona le ka taelo e beilweng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Dinyehelo tsa dino tse tsamayang le tsona e tla ba dilethara tse pedi tsa veine bakeng sa pohwana e nngwe le e nngwe, le lethara e le nngwe le halofo bakeng sa pheleu e nngwe le e nngwe, le lethara e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe. Ena ke nyehelo ya setjheso ya kgwedi e nngwe le e nngwe ya dikgwedi tsa selemo.
Tsena ho tla nyehelwa ka tsona e le tse eketsang nyehelo ya setjheso ya ha kgwedi e thwasitse, mmoho le nyehelo ya dijo e tsamayang le yona; le e eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, mmoho le nyehelo ya dijo e tsamayang le yona; le dinyehelo tsa dino tse tsamayang le tsona, ho ya ka taelo ya tsona, e le nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelehang ho Morena.’ ”