Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 29:13 - BIBELE

13 Le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, ke ho re nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelelang ho Morena, e be dipohwana tse leshome le metso e meraro, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse nang le selemo, e be tse se nang sepha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Le tla hlahisa sehlabelo se tjheswang ka mollo, e be setjheso se monko o monate ho Jehova, e leng dipohwana tse leshome le metso e meraro, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse se nang sekodi, tse lemo se le seng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 29:13
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba keteka mokete wa maphephe, jwalokaha ho ngotswe Molaong. Ka letsatsi le leng le le leng ba etsa dinyehelo tsa setjheso, tse lekanang letsatsi ka leng, ho ya kamoo ho laetsweng kateng.


“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le kgomo e tswang mohlapeng wa hae hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha. A e tlise monyakong wa Tente ya Morena, e le hore a tle a amohelehe ho Morena.


“ ‘Ka letsatsi la pele la kgwedi e nngwe le e nngwe o tla nyehella Morena ka nyehelo ya setjheso, e be dipohwana tse pedi, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse se nang sepha.


Le tla etsa nyehelo ka mollo, e leng nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena, e be dipohwana tse pedi, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse se nang sepha, tse nang le selemo.


Le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e be dipohwana tse pedi, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse nang le selemo.


“ ‘Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya bosupa, le tla ba le phutheho e halalelang. Le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe, mme le etsetse Morena mokete ka matsatsi a supileng.


Nyehelo ya dijo e tsamayang le tsona e tla ba phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; e be dikilo tse tharo bakeng sa pohwana e nngwe le e nngwe ya dipohwana tse leshome le metso e meraro; le dikilo tse pedi bakeng sa pheleu e nngwe le e nngwe ya dipheleu tse pedi.


Le tla nyehela ka nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena; e be pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse se nang sepha, tse nang le selemo.


Le tla nyehella Morena ka nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e be pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le dikonyana tse tona tse supileng, tse nang le selemo, tse se nang sepha.


Bana beso, ka baka la mohau wa Modimo, ke a le rapela hore le ineele Modimo, le le sehlabelo se phelang, se halalelang, se mo kgahlisang, e leng tshebeletso ya lona e tshwanelehang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ