Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 28:24 - BIBELE

24 O tla etsa dinyehelo tse jwaloka tsena ka letsatsi le leng le le leng la matsatsi a supileng, e le dinyehelo tsa dijo, tse eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Le tla a hlahisa ka tsatsi le leng le le leng, ka matsatsi a supileng, e be sejo sa sehlabelo se tjheswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 28:24
5 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha o nyehela ka konyana ya pele, o be o nyehele le ka phofo e thumisehileng e etsang boima ba kilo e le nngwe e dubilweng ka lethara e le nngwe ya ole ya mohlwaare; o nyehele le ka lethara e le nngwe ya veine.


Ka letsatsi le leng le le leng la matsatsi a supileng a mokete, kgosana e tla etsetsa Morena nyehelo ya setjheso ka dipohwana tse supileng tse se nang sepha, le ka dipheleu tse supileng tse se nang sepha. Ka letsatsi le leng le le leng la matsatsi a supileng, e nke potsanyane, e etse nyehelo e tlosang sebe.


Jwale moprista o tla di tjhesetsa hodima aletare, e le setjheso sa dijo se nyehellwang Morena.


“O re ho bona: ‘Ena ke nyehelo ya setjheso, eo le tla nyehella Morena ka yona: dikonyana tse tona, tse nang le selemo, tse se nang sepha, di be pedi ka letsatsi le leng le le leng, e be nyehelo ya kamehla ya setjheso.


Ka matsatsi wohle moprista e mong le e mong o phetha tsa tshebeletso, mme o nyehela hangata ka wona mahlabelo ana, ao ho hang a ke keng a tlosa dibe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ