Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 25:14 - BIBELE

14 Lebitso la monna wa Moiseraele, ya ileng a bolawa mmoho le mosadi wa Momidiane, e ne e le Simeri, mora wa Salo, kgosana ya ntlo ya morabe wa Simeone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Lebitso la monna eo wa Iseraele ya hlabilweng, ya neng a bolawe le mosadi wa Midiane, e ne e le Simri, mora Salu, morena wa ntlo e nngwe ya bontata Basimeone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 25:14
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha bahwebi ba Midiane ba feta, ba hula Josefa, mme ba mo ntsha ka ledumeleng, ba mo rekisa ho Baishemaele ka silefera e kang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi le mashome a mararo, mme bao ba ya le yena Egepeta.


Ba tloha Midiane, mme ha ba fihla Parane, ba nka banna ba Parane ba ya le bona Egepeta, ho Faro, kgosi ya Egepeta. Kgosi ya Egepeta ya nea Hadade ntlo, ya mo fepa, ya mo abela naha.


Dihlooho tsa merabe ya Iseraele e ne e le tsena: Hlooho ya ba morabe wa Rubene e ne e le Eleesere, mora wa Sikeri; ya ba morabe wa Simeone e le Shefatiya, mora wa Maaka.


Ka baka leo, tshabang Morena. Elang hloko, mme le sebetse jwalo. Modimo wa rona ha a sothe toka, ha a ye ka tshobotsi, ha a batle tjotjo.”


Ba morabe wa Simeone ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mahlano a metso e robong le makgolo a mararo.


Ho yena, le ho ditloholo tsa hae, selekane sena e tla ba sa boprista kamehla yohle, hobane o ile a boulella Modimo wa hae, a etsetsa bana ba Iseraele tefelo ya sebe.’ ”


Lebitso la mosadi wa Momidiane, ya ileng a bolawa, e ne e le Kosebi, moradi wa Sure, kgosana ya ntlo e nngwe ya Moabe wa Bamidiane.


Ana ke malapa a morabe wa Simeone. Palo ya bona e ne e le dikete tse mashome a mabedi le metso e mmedi le makgolo a mabedi.


lelokong la Simeone, ba dikete tse leshome le metso e mmedi; lelokong la Levi, ba dikete tse leshome le metso e mmedi; lelokong la Isakare, ba dikete tse leshome le metso e mmedi;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ