Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 25:13 - BIBELE

13 Ho yena, le ho ditloholo tsa hae, selekane sena e tla ba sa boprista kamehla yohle, hobane o ile a boulella Modimo wa hae, a etsetsa bana ba Iseraele tefelo ya sebe.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 E tla ba ho yena le ho ditloholo tsa hae kamora hae selekane sa boprista bo sa feleng; hobane o bile a tjhesehela Modimo wa hae, mme o hlahiseditse bana ba Iseraele pheko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 25:13
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Davida o bitsa Bagibeone, o re ho bona: “Ke le etsetse eng? Tefelo nka e etsa ka eng, e le hore le tle le hlohonolofatse setjhaba seo e leng lefa la Morena?”


Elia a re: “Ke ka baka la ho boulela Morena Modimo wa mabotho, ke leng mona. Bana ba Iseraele ba furaletse selekane sa hao, ba heleditse dialetare tsa hao, ba bolaile baporofeta ba hao ka sabole. Ke nna ke le mong feela ya setseng, mme jwale ba batla ho mpolaya.”


Yena a re: “Ke ka baka la ho tjhesehela ho sebeletsa Morena Modimo wa mabotho, ke leng mona. Bana ba Iseraele ba furaletse selekane sa hao, ba heleditse dialetare tsa hao, ba bolaile baporofeta ba hao ka sabole. Ke nna ke le mong feela ya setseng, mme jwale ba batla ho mpolaya.”


Yaba Solomone o tlosa Abiatare setulong sa boprista ba Morena, e le hore ho tle ho phethahale polelo ya Morena, e neng e porofetwe Shilo, mabapa le ntlo ya Eli.


Ka boela ka re: “Ako ba hopole, Modimo wa ka, hobane ba hlompholotse boprista, le selekane sa boprista, le sa Balevi.”


Hoo a ho ballwa e le ho loka, ho isa melokong yohle, kamehla le mehla.


Tjheseho ya ka e a nqeta, hobane ba ntlhoileng ba lebala mantswe a hao.


Ke fetohile moditjhaba ho bana beso, ke se ke le ya sa tsejweng ke baeso.


O tlame Arone le bara ba hae ka maqhama, o ba rwese dituku, mme e tla ba baprista ka molao wa mehla yohle. Ka mokgwa o jwalo o tla halaletsa Arone le bara ba hae.


Ka le hlahlamang Moshe a re ho setjhaba: “Le entse sebe se seholo. Jwale ke tla nyolohela ho Morena; mohlomong ke tla le etsetsa tefelo ya sebe sa lona.”


O tla ba tlotsa jwalokaha o ile wa tlotsa ntata bona, mme ba tla ntshebeletsa e le baprista ba ka. Ho tlotsetswa boprista e tla ba ha mehla yohle, ho ya fihla ditloholong tsa bona.”


Lona le tla bitswa baprista ba Morena, le bitswe basebeletsi ba Modimo wa rona. Maruo a baditjhaba a tla jewa ke lona, le ithorise ka tlotla ya bona.


le baprista ba Balevi ba ke ke ba hloka ya tla ntshebeletsa ka ho nketsetsa nyehelo ya setjheso le nyehelo ya dijo, le ho nketsetsa mahlabelo kamehla.”


Jwalokaha dinaledi tsa lehodimo di ke ke tsa balwa, le lehlabathe la lewatle le ke ke la balwa, ka mokgwa o jwalo ke tla atisa ditloholo tsa Davida, mohlanka wa ka, ke atise le palo ya Balevi ba ntshebeletsang.”


Moprista o tla nyehela ka wona, le leng e be la nyehelo e tlosang sebe, le leng e be la nyehelo ya setjheso. Ka mokgwa o jwalo, moprista o tla etsetsa monna eo nyehelo ya telefelo ya sebe ka baka la ho qhitsa lero hoo ha hae.


Empa lona le kgelohile tsela ena, la ba la kgelosa ba bangata ka thuto ya lona; selekane sa Balevi le se fetotse lefeela,” ho rialo Morena wa mabotho.


Jwale Moshe a re ho Arone: “Nka pane, hodima yona o bee mashala a hlenneng a tswang hodima aletare, mme o tshele mokubetso kahodima wona, o e ise kapele ho setjhaba, o se etsetse tefelo ya sebe.” Kgalefo ya Morena e ne e befetse setjhaba, mme sewa se se se se wetse hodimo.


Arone a e nka jwalokaha Moshe a ne a mo laetse mme a mathela hara setjhaba, hobane sewa se ne se se se qalehile hara setjhaba. A tshela mokubetso paneng, mme a etsetsa setjhaba tefelo ya sebe.


Bana ba Iseraele ba bua, ba re ho Moshe: “Bonang re a shwa! Re fedile! Bohle re fedile!


Lebitso la monna wa Moiseraele, ya ileng a bolawa mmoho le mosadi wa Momidiane, e ne e le Simeri, mora wa Salo, kgosana ya ntlo ya morabe wa Simeone.


Barutuwa ba hae ba hopola hore ho ngotswe, ho thwe: “Ho tjhesehela ntlo ya hao ho ntjele.”


Kahoo o ne a tshwanetse ho etswa ya tshwanang le bana babo kahohle, hore e be Moprista e Moholo, ya lereko, ya tshepahalang ho Modimo dinthong tsohle, e le hore a lefelle dibe tsa setjhaba.


Setjhaba sa Iseraele se ile sa amohela Molao tlasa boprista ba Levi. Jwale, hoja boprista boo e ne e le bo phethehileng, na ho ne ho sa ntse ho hlokahala hore ho hlahe moprista e mong, eo e leng yena jwaloka Meleki-Sedeke, e seng jwaloka Arone?


Ka baka leo, bana ba Iseraele ba ke ke ba tseba ho thulana le dira tsa bona; ba tla baleha dira tsa bona, hobane ba rohakilwe. Ha ke sa tla hlola ke eba le lona, haese feela ha le ka timetsa ntho eo e rohakehileng hara lona.


Tloong le le majwe a phelang, a sebediswang ho haha tempele ya moya. Le be baprista ba halalelang, ba nyehellang Modimo ka mahlabelo a moya, a amohelehang ho yena ka Jesu Kreste;


Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang.


Ke yena ya ikentseng nyehelo ka baka la dibe tsa rona; e seng tsa rona feela, empa le tsa lefatshe lohle.


ya re entseng mmuso le baprista ba sebeletsang Modimo Ntatae, e be tlotla le matla, kamehla le mehla. A ho be jwalo!


“Ka baka leo, Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ruri ke ne ke itse ntlo ya hao, le ntlo ya ntatao, e tsamaye kapele ho nna kamehla yohle.’ Empa jwale Morena o re: ‘Hoo ho ke ke ha hlola ho etsahala, hobane ke tla tlotla ba ntlotlang, empa ba nnyedisang ke tla ba nyedisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ