Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 20:8 - BIBELE

8 “Nka molamu ona, mme o bokanye setjhaba, wena le moholwane wa hao Arone. Moo se ntseng se bona, o laele lefika lena hore le kolle metsi. O tla etsa hore lefika le kolle metsi, setjhaba sohle, le diphoofolo tsa sona, se tle se nwe.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Nka lere la hao, mme le bitse phutheho, wena le ngwaneno Aarone; le tla bua le lefika pontsheng ya bona, mme ho tla tswa metsi ho lona; o tla ba ntshetsa metsi lefikeng, mme o tla nosa phutheho le dintho tsa yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 20:8
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na ho na le se ka sitang Morena? Isao, ka yona nako ena, ke tla boela ke o etela, mme Sara o tla be a se a ena le mora.”


“Wa ba fepa ka bohobe ba lehodimo ha ba lapile, wa ba fa metsi a tswang lefikeng ha ba nyorilwe, wa ba laela hore ba kene, ba ikgapele naha eo o neng o hlapanye hore o tla ba nea yona.


A petsola lefika, metsi a phorosela; a phalla dibataolong eka ke noka.


yena ya fetolang lefika letsha la metsi, lejwe la moralla a le fetole sediba.


O ne a bue, mme tsa eba teng; a laela, mme tsa hlaha.


Wena phahamisa molamu wa hao, o otlollele letsoho la hao hodima lewatle, mme o le arole koto tse pedi, bana ba Iseraele ba tle ba tsamaye hara lewatle, mobung o ommeng.


Moshe a re ho Joshua: “Re kgethele banna, o tsamaye, o yo lwantsha Baamaleke. Hosasane nna ke tla ema hodima tlhoro ya leralla, ke tshwere molamu wa Modimo ka letsohong la ka.”


Wena o tla tshwara molamu ona ka letsoho la hao, o etse mehlolo ka wona.”


Yaba Morena o re ho yena: “Ke eng eo e ka letsohong la hao?” Moshe a re: “Ke molamu.”


Yaba Moshe o nka mosadi wa hae, le bara ba hae, o ba palamisa tonki, o kgutlela naheng ya Egepeta. Moshe a nka le molamu wa Modimo ka letsohong la hae.


Moshe le Arone ba etsa jwalokaha Morena a ba laetse. Arone a phahamisa molamu, a otla metsi a ka nokeng Faro a ntse a tadimile, le bahlanka ba hae ba ntse ba tadimile, mme metsi wohle a ka nokeng a fetoha madi.


Phoofolo tse hlaha di a ntlhompha, diphokojwe le dimpshe di a nthorisa, hobane didiba ke di tjheka lehwatateng, dinoka di phalle naheng e omeletseng, ho nyorolla tjhaba sa ka, bakgethwa ba ka.


Ha ba a ka ba nyorwa ha a ba tsamaisa hara lehwatata; o ila etsa hore metsi a phalle a etswa lefikeng; a otla lefika, metsi a phorosela.


Yaba Moshe o phahamisa letsoho la hae, mme ka molamu wa hae a otla lefika habedi. Metsi a phorosela a le mangata, mme setjhaba sa enwa, le diphoofolo tsa sona tsa enwa.


le methipoloha ya dikgohlwana tse lelemellang diahelong tsa Are, tse sikang le moedi wa Moabe.”


Sediba se tjhekilweng ke mahosana, sa habollwa ke marena a setjhaba, ka lere la kgosi le ka mare a marena.” Ho tloha Sedibeng ba ya Matana;


Jesu a ba araba, a re: “Ruri ke a le bolella hore haeba le ena le tumelo, le sa belaele, ha le na ho etsa feela se entsweng sefateng sa feiye, empa leha le ka re ho thaba ena: ‘Sutha, o yo wela lewatleng,’ hoo ho tla etsahala,


Ha ho le jwalo, ha lona ba kgopo le tseba ho fa bana ba lona dimpho tse molemo, Ntate ya lehodimong o tla fana haholo hakaakang ka Moya o Halalelang ho ba mo kopang!”


Ho fihlela jwale ha le eso kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, hore thabo ya lona e be e phethehileng.”


Bana kaofela, ba ena le basadi, le Maria mma Jesu, le bana babo Jesu, ba tiisetsa thapelong ka maikutlo a le mang.


Yaba setjhaba se a howa, le baprista ba letsa manaka. Yare ha setjhaba se utlwa modumo wa manaka, sa howa haholo, mme lerako la helehela fatshe. Setjhaba sa kena ka motseng, monna ka mong a tobile pele feela, mme ba hapa motse oo.


Ere ha ba letsa lenaka la pheleu halelele, mme lona le utlwa modumo wa lenaka, setjhaba sohle se howe haholo; lerako la motse le tla helehela fatshe, mme setjhaba sohle se le tlole, monna ka mong a be a se a toba pele.”


Jwale lengeloi la mpontsha noka ya metsi a bophelo, e benyang jwaloka lehakwe, e kollang teroneng ya Modimo le ya Konyana.


Moya le monyaduwa ba re: “Tloo.” Ya utlwang le yena a ke a re: “Tloo.” Ya nyorilweng a ke a tle; ya ratang a ke a nwe metsi a bophelo, a fanwang feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ