Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 14:37 - BIBELE

37 banna bana ba tlisitseng ditaba tseo e seng tsa nnete, ba ile ba bolawa ke lefu la sewa ba le kapele ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

37 banna bao ba neng ba nyatsitse naha, ba eshwa pela sefahleho sa Jehova ka lefu la sewa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 14:37
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Batho ba sekete ba ka wa, ba wa lehlakoreng la hao, le ba kete tse leshome ka letsohong la hao le letona; empa wena o ke ke wa hlahelwa ke letho.


ka baka leo, Morena o re: Bonang, ke tla otla Shemaya ya tswang Nehelame le ditloholo tsa hae. Ha ho le ya mong wa bana ba hae ya tla sala; le yena Shemaya ha a ka ke a bona tse molemo, tseo ke tla di etsetsa setjhaba sa ka, hobane o rutile setjhaba sa ka ho mphetohela,’ ” ho rialo Morena.


Yaba mollo o tswa ho Morena, wa ba tjhesa, mme ba shwela kapele ho Morena.


Ba bolella bana ba Iseraele ditaba tse mpe ka naha eo ba neng ba ilo e hlwela, ba re: “Naha eo re neng re ilo e hlwela ke naha e matswatlare. Batho bohle bao re ba boneng ke banna ba diqhobane.


Ke tla se otla ka lefu la sewa, ke se timetse, empa ka wena ke tla etsa setjhaba se matla ho feta sena.”


Empa ha e le Joshua, mora wa Nune, le Kalebe, mora wa Jefune, ba ile ba phela ho ba neng ba ilo hlwela naha.


Mollo wa theoha o etswa ho Morena, wa timetsa banna bana ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano ba ileng ba nyehela ka mokubetso.


Ba ileng ba eshwa ke sewa sena ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mene le makgolo a supileng, ho sa balwe ba shweleng ka taba ya Kora.


Setjhaba sa lwantsha Moshe, sa bua, sa re: “Hoja le rona re hlile ra itjhwella ha bana babo rona ba eshwa kapele ho Morena!


Tonki e ile ya mpona, mme ka makgetlo a mararo ya nkwekwetla. Hojane ya se ke ya nkwekwetla, ruri hona jwale nka be ke se ke o bolaile, empa yona nka be ke e babaletse.”


empa se ne se se se bolaile batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.


Hape le se ke la dumaduma, jwalokaha le ba bang ba bona ba ile ba dumaduma, mme ba timetswa ke Motimetsi.


Empa Modimo ha a a ka a kgahlwa ke ba bangata ba bona, mme ba ile ba shwela lehwatateng ka bongata.


Ke bafe bao a ileng a ba halefela ka dilemo tse mashome a mane? Na hase ba ileng ba etsa sebe, bao ditopo tsa bona di ileng tsa sala lehwatateng?


Ke bafe bao a ileng a ba hlapanyetsa hore ba ke ke ba kena phomolong ya hae le ka mohla, haese batho bao ba neng ba hana ho mamela?


Le hoja le se le tseba tsena tsohle ka ho tlala, ke rata ho le hopotsa hore, e ne e re hoba Morena a pholose setjhaba sa hae naheng ya Egepeta, hamorao o ile a fedisa ba sa kang ba dumela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ