Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 14:28 - BIBELE

28 Ere ho bona: ‘Ke hlapanya ka bophelo ba ka, ho rialo Morena; ruri ke tla le etsa ho ya kamoo ke utlwileng le bua kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 E re ho bona: Ka nna ya phelang, ho rialo Jehova, ke tla le etsa kamoo le buileng ditsebeng tsa ka kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 14:28
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kotlo eo e mo tlele a e shebile, kgalefo ya Ya Matla wohle a e habole;


A phahamisa letsoho, a ba hlapanyetsa hore o tla ba bolaela lehwatateng,


Yaba ke hlapanya ke halefile, ke re: “Ba ke ke ba ba ba kena ba kena phomolong ya ka.”


Ke nna Morena, ke bua seo ke se ratang, mme se tla phethahatswa ho se tikatiko. Lona setjhaba sa bafetohedi, mehleng ena ya lona ke tla phethahatsa tsohle tseo ke di bolelang, ho rialo Morena Modimo.’ ”


Setjhaba sa korotla haholo moo Morena a ntseng a utlwa. Ha Morena a utlwa, bohale ba hae ba tlokoma, mollo wa Morena wa se laimela, wa tjhesa meedi ya diahelo lore!


Bana ba Iseraele bohle ba korotlela Moshe le Arone, mme setjhaba sohle sa re ho bona: “Hoja re hlile ra shwella naheng ya Egepeta, kapa ebe re shwetse lehwatateng lena!


Empa ke hlapanya ka bophelo ba ka, le ka tlotla ya Morena e tletseng lefatsheng lohle:


ruri ba ke ke ba bona naha eo ke e hlapanyeditseng bo-ntata bona; le bohle ba nnyedisitseng ba ke ke ba e bona.


Moshe a phetela bana ba Iseraele bohle ditaba tsena, mme setjhaba sa lla haholo.


‘Ruri, banna bohle bao ke ba nyolotseng Egepeta, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, ba ke ke ba bona naha eo ke neng ke e hlapanyetse Aborahama, le Isaka, le Jakobo, hobane ha ba a ntatela ka botshepehi.


“Morena o ile a utlwa dipolelo tsa lona, a halefa, mme a ikana, a re:


‘Ruri ha ho le ya mong wa banna bana ba moloko ona o kgopo, ya tla bona naha e ntle, eo ke ileng ka hlapanya hore ke tla e nea bo-ntata lona.


“Dilemo tseo re di nkileng ho tloha Kadeshe-Barenea, ho fihlela re tshela nokana ya Serede, e bile mashome a mararo a metso e robedi. Bahlabani bohle ba moloko oo, ba ne ba se ba shwele, jwalokaha Morena a ne a ile a ba hlapanyetsa.


Letsoho la Morena le ile la nna la ba lwantsha, mme la ba timetsa ba le diahelong tsa bona, ho fihlela ba fela.


Ke supa hodimo, ke a ikana, nna ya phelang kamehla ke a hlapanya:


Ke bafe bao a ileng a ba halefela ka dilemo tse mashome a mane? Na hase ba ileng ba etsa sebe, bao ditopo tsa bona di ileng tsa sala lehwatateng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ