Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Numere 10:14 - BIBELE

14 Ba nkileng mokgele wa Juda ba tloha pele, ho ya ka mabotho a bona. Mookamedi wa lebotho la Juda e ne e le Naheshone, mora wa Aminadabe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Folaga ya ntlo ya bana ba Juda ya tloha pele: ba tloha ka makgotla a bona; lekgotla la Juda le ne le laolwa ke Nasone, mora Amminadabe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Numere 10:14
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Iseraele a ntse a ahile naheng eo, Rubene a ya robala le Bileha, mosadi wa ntatae wa lefielo, mme Iseraele a tseba taba eo. Jakobo o ne a ena le bara ba leshome le metso e mmedi kaofela.


Bara ba Lea ke: Rubene, letsibolo la Jakobo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Isakare, le Sabulone.


“Wena, Juda, bana beno ba tla o rorisa, tsoho la hoa le tla kgama dira tsa hao; bana beno ba tla kgumama kapele ho wena.


“Ana ke mabitso a banna ba tla le thusa: Lapeng la Rubene e be Elesure mora wa Shedeure.


Lapeng la Juda e be Naheshone mora wa Aminadabe.


Mookamedi wa lebotho la morabe wa bana ba Isakare e ne e le Netanele, mora wa Suare.


“Ha o hlaba mokgosi wa pele ka terompeta, ba diahelong tse ka botjhabela ba tla tswela pele leetong.


Kgosana e ileng ya etsa nyehelo ya yona ka letsatsi la pele ya eba Naheshone, mora wa Aminadabe, wa morabe wa Juda.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ