Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Nehemia 3:13 - BIBELE

13 Bo-Hanune le baahi ba Sanowa ba lokisa Monyako wa Kgohlo. Ba o haha, ba kenya mamati a wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona. Ba haha le lerako sebaka se ka etsang dimethara tse makgolo a mane le mashome a mane, ho ya fihla Monyakong wa Thotobolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Monyako wa Sekgutlo wona wa lokiswa ke Hanune le ba ahileng Sanowa; ba o haha, mme ba kenya mamati a wona le dinotlolo le makwallo; ba etsa ditswe tse sekete tsa lerako, ho ya fihla monyakong wa Moitedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Nehemia 3:13
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mosadi wa hae wa Mojuda a tswala Jerede ya ileng a thea Gedore, le Hebere ya ileng a thea Soko, le Jekutiele ya ileng a thea Sanowa.


Ho feta mona, Usiya a haha ditora Jerusalema, Kgorong e Hukung, le Kgorong e ka Kgohlong, le moo lerako le fellang teng, mme a di haheletsa.


le Sanowa, le Adulame le metsaneng ya yona, le Lakishe le mathokong a yona, le Aseka le metsaneng ya yona. Ba ne ba ahile ho tloha Beeresheba, ho ya fihla kgohlong ya Honome.


Ka tswa hara bosiu jwalo, ka feta Monyakong o ka Kgohlong, ka feta le Sedibeng sa Kganyapa, ka fihla Monyakong wa Thotobolo. Ka hlahloba marako a Jerusalema a heleditsweng, le mamati a wona a tjhesitsweng.


Ka nyolosa jwalo le bosiu, ke ikgohlile ka molatswana; ka nna ka hlahloba lerako, ka nto kgutla, ka kena ka Monyako wa Kgohlo.


le Sanowa, le Ene-Gannime, le Tapua, le Ename,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ