Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Nahume 3:9 - BIBELE

9 Kushe le Egepeta di ne di e hlomella, di e hlomella, ho se na moedi; Pute le Lebia tsona di e thusetsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Bakushe ba matla a maholo, le Baegepeta ba sa balweng, Baphuthe le Balube e be e le batlatsi ba wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Nahume 3:9
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bana ke bara ba Kama: Kushe, le Miseraime, le Pute, le Kanana.


Bana ke bara ba Kama: Kushe, le Miseraime, le Pute, le Kanana.


A futuha ka dikariki tsa ntwa tse sekete le makgolo a mabedi, le ka bahlabani ba palamang dipere ba dikete tse mashome a tsheletseng. O ne a ena le setjhaba se neng se ke ke sa balwa ke bongata, se tlileng le yena ho tswa Egepeta, e le Balebia, le Basuke, le Bakushe.


Na Bakushe le Balebia e ne e se lebothohadi le nang le dikariki tsa ntwa tse ngata haholo, le bahlabani ba bangata, ba palamang? Empa kahobane o ile wa tshepa Morena, o ile a neelana ka bona matsohong a hao.


Ba neng ba tshepile Kushe, mme ba ithorisa ka Egepeta ba tla tshaba, ba hlajwe ke dihlong.


Morena o re: Futuhang lona banna ba dipere! Kgannang ka sekgahla lona ba dikariki! Teolohang lona banna ba bahlabani, banna ba Kushe le ba Pute, matshwarathebe, banna ba Lode ba fulang ka diqha!


“ ‘Banna ba Peresiya, le banna ba Lode le Pute, e ne le bahlabani ba mabotho a hao; dithebe le katiba tsa bona tsa tshepe ba di fanyeha maboteng a hao, ba di fanyeha, ba o tlotla ka tsona.


Ha Baiseraele ba itshwarella ka wena, o ila peperana, wa ba hlaba ka mahafing; ha ba leka ho ikokotlela ka wena, yaba o a robeha, ba tswenetseha matheka.


“ ‘Banna ba Kushe, ba Pute le ba Lode, ba mefuta yohle le ba Kube, le banna ba naha e itlammeng ka selekane, ba tla bolawa le Baegepeta, ba bolawe ka disabole.


“Wena ngwana motho, ere ho Faro, kgosi ya Egepeta, le ho setjhaba sa hae: “ ‘Boholo ba hao bo ka tshwantshwa le ba mang?


Peresiya le Kushe le Pute di tla ba le bona, bohle ba le dithebe le dikatiba tsa tshepe,


E tla ikgapela matlotlo a kgauta le a silefera, le maruo wohle a bohlokwa a Egepeta, mme Balebia le Bakushe ba tla e sebeletsa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ