Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Nahume 3:7 - BIBELE

7 Bohle ba o bonang ba tla o baleha, ba re: ‘Motse wa Ninife o fetohile masupi, ekaba ke mang ya tla o llela?’ Ke tla fumana mang ya tla o tshedisa?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 mme ho tla etsahala hobane bohle ba o bonang ba tla o balehela, mme ho tla thwe: Ninive o sentswe! Ya ka mo lellang ke mang! Nka o batlela batshedisi kae?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Nahume 3:7
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Koduwa tse pedi tsena di o wetse hodimo; ya ka o tshedisang ekaba ke mang? O wetse ke tshenyeho le tahleho, o wetswe ke sekoboto le sabole; ya ka o thobang pelo ekaba ke mang?


“O tla utlwelwa bohloko ke mang, wena Jerusalema? O tla llelwa ke mang, wena Jerusalema? O tla fapohelwa ke mang ho o botsa bophelo?


Ka baka leo, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Ke tla otla kgosi ya Babilona le naha ya yona, jwalokaha ke otlile kgosi ya Asiria.


“ ‘Re ka be re ile ra e phekola, empa Babilona ha e ka ke ya phekoleha; a re e tloheleng ke hona he, motho ka mong a kgutlele naheng ya habo, hobane kotlo tsa Babilona ke mohlomelo, di fihla mahodimong, di lopalletse hodimo ho ya fihla marung!’


Ke ntho efe eo nka o pakelang ka yona? Ke ntho efe eo nka o tshwantshang le yona? Ka o tshwantsha le yona, wena Jerusalema? Nka o lekanya le eng, ke tle ke o tshedise? Ke tshedise wena, Moradi wa Sione, Moradi wa Sione wa morwetsana? Botebo ba leqeba la hao bo ka ba lewatle! Ke mang ya ka tsebang ho o phekola?


Ona ke molaetsa o buang ka Ninife. Ke buka ya pono eo Nahume wa Elekoshi a neng a e bontshwe.


Morena o tla otlolla tsoho la hae, a le otlollele leboya, a le otlolle, a timetse Asiria, a timetse Ninife, e fotohe nanaola, e sale e omeletse e ka lehwatata.


Bana ba Iseraele bohle ba neng ba le moo ba baleha ha ba utlwa seboko sa bona, hobane ba ile ba re: “Lefatshe le se ke la re metsa!”


Di tla ema hole, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya yona, di re: “ ‘O madimabe! O madimabe! Wena Babilona, motse o moholo, motse o matla! Kahlolo ya hao e phethahaditswe ka nako ya hora feela!’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ