ka baka leo, ke tla phutha baratuwa ba hao bohle, bao o neng o ithabisa le bona; bohle bao o neng o ba rata, le bohle bao o neng o ba hloile. Ke tla ba bokella, ba o etsetse sakana-la-nkope, ke ba pepesetse bofeela ba hao, hore ba o bonele.
Malebana le Ninife, Morena o entse taelo: “Wena Ninife o tla hloka ditloholo, tloholo tse tla bitswa ka lebitso la hao. Medingwana ya hao ke tla e pshatla, ke e pshatlele ka tempeleng ya yona, ke pshatle le yona e bopilweng. Bitla la hao ke tla le etsa sesomo.”
O tla aparelwa ke dihlong, e seng ke tlotla. Nako ke ya hao jwale, ya hore o nwe! Nwa he, bofeela ba hao bo pepesehe! Senwelo se ka tsohong le letona la Morena, se a pota, se tla be se fihle ho wena, ebe dihlong di aparela tlotla ya hao.
Ke wona motse wane o motlehadi, o neng o ituletse ka kgotso, o neng o ikgohomosa ka ho re: “Ke nna feela, ha ho na e mong.” O fetohile lesupi le lekaakang! O fetohile letsaba la dibatana! Bo-mofeta-ka-tsela ba a o makalla, ba letsa molodi, ba opa diatla!
Haeba le sa mmamele, le sa tsotelle ho ntlotlisa,” ho rialo Morena wa mabotho, “ke tla le dihela thohako, ke le amohe mahlohonolo a lona. E, ke se ke le amohile wona, hobane ha le ntsotelle!
Ke bona e ka rona baapostola, Modimo o re entse ba ho qetela, jwaloka ba ahloletsweng lefu. Re fetohile sebonwang-se-bonwa-ke-bohle ho lefatshe, ho mangeloi le ho batho.
Ka nako e nngwe le ile la fetolwa se-bonwang-se-bonwa-ke-bohle ka ho hlapaolwa le ka ho hloriswa; ka nako e nngwe la etswa balekane ba ba etswang tse jwalo.
Ho bile jwalo le ho baahi ba Sodoma le Gomora, le ba metse e ka mathoko. Le bona ba ile ba ineela bohlola, mme ba lakatsa dibopuwa disele. Metse ena e ileng ya welwa ke kotlo ya mollo o sa feleng, ke mohlala o ka bonwang ke bohle.