Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Nahume 3:19 - BIBELE

19 Leqeba la hao ha le na pheko, leoma la hao le isa lefung. Bohle ba utlwang ditaba tsena tsa hao, ba opela ho wa ha hao mahofi. Ke mang ya phonyohileng sehloho sa hao, sehloho sa hao se sa kgaotseng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Leqeba la hao ha le na ho thojwa, matetetso a hao ha a na ho fola! Bohle ba utlwang tsa hao, ba tla o opela ka diatla; hobane bolotsana ba hao bo lesitse ho hlahela mang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Nahume 3:19
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba mo opela diatla, ba be ba mo je tlepane, ba mo letsetse molodi ha a tloha lapeng ha hae.”


O utlwile seo dikgosi tsa Asiria di se entseng dinaheng tsohle, ka ho di timetsa ho hang; jwale wena o tla phonyoha jwang?


“Ke nnete, Morena, dikgosi tsa Asiria di timeditse ditjhaba tsohle le dinaha tsa tsona;


Mamela! Molaetsa ke ona o a tla! Morusu o moholo o hlaha naheng e ka leboya! Metse ya Juda e tla fetolwa nanaola, e fetohe dilao tsa diphokojwe.


Morena o bua tjena: “Maqeba a hao ke a sa foleng, kotsi tsa hao ke tse sa phekoleheng.


“Nyolohela Gileade o fumane moriana teng, wena morwetsana, moradi wa Egepeta; o sebedisitse tlhare tse ngata ho se katleho, le ho phekoleha ha wa ka wa phekoleha.


Bo-mofeta-ka-tsela ba opa diatla, ba opa diatla ha ba o bona; ba letsa molodi, dihlooho ba a di thukutha, ba soma Moradi wa Jerusalema, ba re: “Na motse oo ke wona o no le motlemotle, o no thabisa lefatshe lohle?”


Morena Modimo o bua tjena: Le ile la opa diatla, la tilatila fatshe ka maoto, mme la nyedisa naha ya Iseraele ka dipelo tsa lona tsohle;


“Tsamaya, o ye Ninife, motseng o moholo, o yo o kgalemela, hobane ke bone bokgopo ba wona.”


Qeba la Samaria le a petla, ha le na pheko, le petlile la ya tshwaetsa le Juda, la ya fihla le kgorong ya tjhaba sa ka, la ba la ya fihla le Jerusalema.”


Sa dumellwa ho lwantsha badumedi le ho ba hlola; sa ba sa newa matla hodima ba meloko yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, le ba mefuta yohle.


seo dikgosi tsa lefatshe di entseng bohlola le sona, se tahisitseng baahi ba lefatshe ka jwala ba bootswa ba sona.”


Wena lehodimo, le lona bahalaledi, le baapostola, le baporofeta, thabang ke hona, hobane Modimo o le ahloletse ka ho ahlola motse oo!’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ