Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Nahume 3:18 - BIBELE

18 Oho, wena kgosi ya Asiria, babusi ba hao ba kgalehile, mahosana a hao a ipaqametse fatshe. Tjhaba sa hao se qhalakane dithabeng, ha ho le ya mong ya se phuthang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Morena wa Assiria, badisa ba hao ba robetse; bahale ba hao ba rapaletse; batho ba hao ba farasitse dithabeng, ha ho ya ba bokellang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Nahume 3:18
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mmikiya a re: “Ke bona Baiseraele bohle ba qhalakane hodima dithaba, jwaloka dinku tse se nang modisa, mme Morena o re: ‘Bana ha ba na monga bona: Motho ka mong a ipoelle ha hae ka kgotso.’ ”


Tshabo le thothomelo tsa ba wela hodimo, ka matla a tsoho la hao ba kgutsitse jwaloka majwe, ho fihlela tjhaba sa hao se feta, tjaba sa hao Morena, ho fihlela tjhaba seo se feta, seo o iphumanetseng sona.


Jwaloka kgama e balehang setsomi, jwaloka dinku tse hlokang modisa, motho ka mong o tla kgutlela tjhabeng sa habo, motho ka mong a balehele naheng ya habo.


“Theoha teroneng, o dule leroleng, Wena morwetsana, moradi wa Babilona; itulele fatshe, o theotswe teroneng, wena moradi wa Bakalatiya. Ha o sa tla bitswa ya bonojwana, ya bokotswang.


Ka baka leo, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Ke tla otla kgosi ya Babilona le naha ya yona, jwalokaha ke otlile kgosi ya Asiria.


Etlare ba sa halakehetse dijo, ke ba etsetse mokete wa semetletsa, ke ba nwese hore ba be ba tahwe, ba robale, ba roballe ruri, ba kgalehe, ba se hlole ba tsoha,” ho rialo Morena.


Baetapele ba yona le bahlalefi ke tla ba tahisa, ke tahise babusi le balaodi le bahlabani. Ba tla robala, ba roballe ruri, ba kgalehe, ba se hlole ba tsoha,” ho rialo Kgosi, eo bitso la yona e leng Morena wa mabotho.


Dikgosi tsa lefatshe, le mahosana, le balaodi ba mabotho, le barui, le dinatla, le bohle, e ka ba makgoba kapa balokollwa, ba ipata ka mahaheng le hara mafika a dithaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ