Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Nahume 3:13 - BIBELE

13 Ako tadime mabotho a hao, kaofela a itshwanela le basadi feela! Dikgoro tsa naha ya hao di ahlame, di ahlametse hore dira tsa hao di kene; mollo o tjhesitse mekwallo ya tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Bona, batho ba hao ba ho wena ke basadi feela; dikgoro tsa lefatshe la hao di ipuletse bao e leng dira ho wena, mekwallo ya hao e tjheswa ke mollo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Nahume 3:13
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O ile a pshatla mamati a koporo, a robaka mekwallo ya tshepe.


O tiisitse mekwallo, mekwallo ya dikgoro tsa hao, a hlohonolofatsa bana ba hao ba phelang ho wena.


Mohla tsatsi leo, Baegepeta e tla ka basadi. Ba tla tlakasela ke ho tshaba letsoho leo Morena wa mabotho a ba phahamiseditseng lona.


E supile baporofeta ba bohata, baporofeta ba Babilona! Baporofeta bao ba tla fetoha dithoto. Bahlabani ba Babilona le bona e ba supile, bahlabani bao ba thothomela ke tshabo!


Sabole e supile le dipere tsa bona, ya supa le tsona kariki tsa bona tsa ntwa; e supile bohle bao e leng melata, kaofela ha bona ba tla fetoha basadi! Sabole e supile matlotlo a Babilona, kaofela ha wona matlotlo ana a tla hapuwa!


Bahlabani ba Babilona ba kgaoditse ho lwana, ba haneletse ka diqhobosheaneng tsa bona! Sebete sa bona se se se fedile, ba se ba itshwanela le basadi feela. Diahelo tsa Babilona di tjhesitswe ka mollo, mekwallo ya dikgoro tsa yona e robilwe.


Wena Temana, bahlabani ba hao ba tla thothomela, bohle ba bolawe, ba bolaelwe thabeng ya Esau.


Marako a thibelang noka a a phatloha, ntlo ya bokgosi yona e a heleha.


Ninife e a hlobodiswa, e a thopuwa, makgabunyane a Ninife a a lla, a lla sa maebanakgorwana, a lla a ntsa ikotla difuba kgafetsa.


Mollo o tla o tjhesetsa hona teng, sabole e o bolaele hona moo, e o je sa ditsie di kumola dijalo. Ata, o ikatise sa ditsienyane, o ikatise jwaloka bookgolane!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ