Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Nahume 2:12 - BIBELE

12 Tau e ne e harola, e fepa ditawana, diphofu e di harolela ditauhadi; matsaba a yona e a tlatsa diphofu, e a tlatsa ka dinama tseo e di harotseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Le kae letsaba la tau e neng e harolela madinyane a yona, e fenethela ditau tse tshehadi tsa yona, e be e tlatse maphao a yona nama, e tlatse le matsaba a yona ditopo tse harotsweng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Nahume 2:12
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hushai a tswela pele, a re: “Wena o tseba ntatao le banna ba hae; ke bahale ba pelo di mpe, ba jwaloka bere e amohilweng madinyane a yona naheng. Ntatao ke monna ya tsebang ntwa; ha a na ho robala le bahlabani ba hae.


Ba jwaloka tau e labalabelang ho harola, le jwaloka tawana e bothileng selaong.


“Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o mmetsitse, tsohle tsa ka o ikgapetse tsona, a ntshiya ke ka nkgo e lephaka. O mmetsitse jwaloka kgodumodumo, a sasamatsa mpa ya hae ka dimonate tsa ka, a mpusulosa, a ba a nteleka.


Ebe jwale letsaba la tau le hokae? Selao sa ditawana sona se kae? Moo tau e neng e fepela teng ke kae? Moo tawana di neng di ipothela, di ipothela teng, di se na tshabo?


“Wena Ninife ke a o lwantsha,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke tla tjhesa kariki tsa hao tsa ntwa, bahlabani ba hao ba bolawe ka sabole, ke o amohe tsohle tseo o di hapileng, bonatla ba hao lefatsheng bo fele, maqosa a hao a se hlole a bo boledisa.”


Bona, setjhaba se tla tlola jwaloka tauhadi, le yena o tla tlola jwaloka tauhadi. E ke ke ya qatjhama e eso je phoofolo, e enwa le madi a se bolailweng.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ