Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 9:8 - BIBELE

8 Kamehla o apare aparo tse tshweu, kamehla hlooho ya hao e tlotswe ka ole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Diaparo tsa hao di nne di be tshweu, ole e se ke ya hlokahala hloohong ya hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 9:8
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Joabe o roma leqosa Tekowa, ho ya lata mosadi ya bohlale hona teng, mme a re ho mosadi eo: “Ke a o kopa: Iketsise, eke o motho ya llelang mofu, o apare seaparo sa bofifi, mme o se ke wa itlotsa ka ole; o be jwaloka mosadi ya qetileng matsatsi a mangata a llela mofu.


Mefiboshete, mora wa Saule, a theoha ho ya kgahlanyetsa kgosi. Ho tloha mohla kgosi e tsamayang, ho fihlela e ba e kgutla ka kgotso, Mefiboshete, mora wa Saule, o ne a eso ka a kutletsa maoto a hae, kapa a beola ditedu tsa hae, kapa a hlatswa diaparo tsa hae.


Yaba Moredekai o tloha kapele ho kgosi, a apere seaparo sa bohosana se mmala o moputswa le o mosweu, a rwetse mofapahlooho o moholo wa kgauta; a apere le seaparo se entsweng ka lesela le lohehileng, le perese. Motse wa Shushane wa thaba, wa nyakalla.


O ntokisetsa dijo mahlong a dira tsa ka; o nkamohela ka ho ntlotsa hlooho ka ole, le ka ho tlatsa mohope wa ka haholo.


Ka itima dijo tse monate, ka ila nama, ka se ke ka nwa veine, ka se ke ka itlotsa ka ole ka dibeke tseo tse tharo.


Veine ya lona le e nwa ka mopotjwana, le itlotse ka ditlolo tsa bohlokwa, empa ha le llele ho timetswa ha Josefa.


Empa wena ha o itima dijo, o iphotle, o itlotse hlooho,


Ha o a ka wa ntlotsa hlooho ka ole, empa mosadi enwa o ile a tlotsa maoto a ka ka setlolo.


“Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya fadimehang, ya sa hloboleng diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme batho ba bona tse dihlong tsa hae.”


Dimphi tsa lehodimo di ne di mo latetse, di palame dipere tse tshweu, di apere masela a matlematle, a masweu, a hlwekileng.


o neilwe mose wa lesela le letleletle, le benyang, le hlwekileng. Lesela lena le letleletle ke diketso tse lokileng tsa bahalaledi.”


Kamorao ho tsena ka tadima, mme ka bona letshwelehadi leo ho neng ho se motho ya ka le balang. E ne e le ba mefuta yohle, le ba meloko yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba eme kapele ho terone le kapele ho Konyana, ba apere diaparo tse tshweu, ba tshwere makala a dipalema matsohong a bona.


Ka baka leo, itlhatswe, o itlotse, mme o apare hantle, ebe o theohela seotlong. O se ke wa ba wa itsebisa yena ho fihlela ha a qetile ho ja le ho nwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ