Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 9:5 - BIBELE

5 Ba phelang bona ba a tseba hore ba tla shwa, athe bafu bona ha ho letho leo ba le tsebang, moputso le wona ha ba ka ke ba o fumana, esita le ho hopolwa ha ba sa hopolwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ba utlwang bona ba tseba hobane ba ya shwa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, mme ba ke ke ba hlola ba nka moputso lefatsheng, hobane lebitso la bona le lebetswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 9:5
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bohle re tlameha ho shwa. Re jwaloka metsi a qhaletsweng fatshe, a ke keng a hlola a bokellwa. Le yena Modimo ha a furalle batho, empa o etsa matsapa a hore ya lelekilweng ke batho a se ke a lahlwa ke Modimo.


Ha bara ba hae ba tlotlwa, yena ha a tsebe le letho, le teng ha ba kokobetswa, yena ha a bone le letho;


Ke a tseba hoba o tla nkisa lefung, tlung e kgethetsweng bohle, bohle ba phelang.


Morena a nne a di hopole kamehla, a ba hlakole lefatsheng, hore ba se hlole ba hopolwa.


Kgutla Morena, o nnamolele, o mpholose ka baka la mohau wa hao.


Na dimakatso tsa hao di tla tsejwa, di tsejwe ke ba leng lefifing, le ho loka ha hao ho tsejwe, ho tsejwe fatsheng la ba lebetsweng?


Baholoholo ba kgale ha ba sa hopolwa; esita le bao e leng hona ba tla tla, bahlahlami ba bona ba ke ke ba ba hopola!


Ya bohlale, ho tshwana le ya sethoto, a ke ke a hopolwa kamehla le mehla; ka nako e tlang bobedi ba tla lebalwa. Mohlalefi o shwa jwalokaha thoto se eshwa!


Ho molemo ho etela lapa le aparetswe ke bofifi, ho ena le ho etela lapa la moketeko, hoba lefu ke pheletso ya motho ka mong; ba phelang hona ba ho nahane hantle.


Ka bona le ba kgopo ba epelwa, bona ba neng ba ye ba kene ba be ba tswe sebakeng se halalelang, mme baahi ba motse ba ba rorisetse tseo ba di entseng. Hona le hona ke lefeela.


Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Ya ntseng a phela o sa na le letshepa, hobane le ntja e phelang e molemo ho feta tau e shweleng.


Ba shwele, ba ke ke ba hlola ba phela, ba mabitleng, ba ke ke ba hlola ba tsoha; o ba otlile, wa ba wa ba timetsa, wa etsa hore ba se hlole ba hopoleha.


Wena Morena, ke wena ntata rona, le hoja Aborahama a sa re tsebe, le Iseraele a sa re letho ka rona, oho, wena Morena, ke wena ntata rona, Molopolli wa rona: Ke bitso la hao la kamehla yohle.


Batho ba abetswe ho shwa hanngwe, ba nto ahlolwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ