Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 7:26 - BIBELE

26 Mosadi ya tshwasang ka maqiti a hae, eo pelo ya hae e tshwanang le sefi, matsoho a hae a kang mahlaahlela, ka fumana a tshabeha ho feta le lefu. Ya kgahlisang Modimo o tla phonyoha atleng tsa hae, athe moetsadibe yena o tla tshwaswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Mme ka fihlela hoba mosadi eo pelo ya hae e kang matlowa le difi, eo matsoho a hae e leng ditlamo, o baba ho fetisa lefu. Ya molemo pela Modimo o tla mo phonyohela, empa moetsadibe o tla tshwaswa ke yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 7:26
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le bosiung bona boo ba nwesa ntata bona veine; moradi e monyenyane a kena, mme a robala le ntatae. Yena ha a a ka a tseba ha moradi wa hae a kena dikobong, leha a tsoha.


Tlung ena ha a moholo ho nna; hape ha ho letho leo a nkganelang ka lona, haese wena, hobane o mosadi wa hae. Jwale nka etsa bokgopo bo bokaalo jwang, ka sitelwa Modimo?”


Jwale bahlanka ba Faro ba re ho yena: “Motho eo e tla ba leraba ho rona ho fihlela neng? Lokolla batho bana, ba tle ba yo sebeletsa Morena, Modimo wa bona. Na ha o eso hlokomele hore Egepeta e a timela?”


O tla phemiswa mosadi wa sehlola, mosadi ya ekang ka dipolelo,


Molomo wa sehlola ke lemena le tebileng; ya halefetsweng ke Morena o tla wela ka ho lona.


Taelo ke lona lebone, thuto ke lona lesedi, kgalemo ke bona bophelo,


ho o phemisa mosadi wa sehlola, le molomomonate wa seraburabu.


Ya se nang tsebo ha a tsebe hore lefu le laletse moo, baeti ba mosadi eo ba feletse lebitleng.


Modimo o nea motho ya mo kgahlisang bohlale le tsebo le thabo, empa moetsadibe o newa mosebetsi o boima wa ho bokella le ho boloka matlotlo, a tle a a siele ya kgahlisang Modimo. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.


“Ako bone mona,” ho rialo Moruti, “seo ke se sibolotseng ke sena: “Ha ke ntse ke nahana taba ka nngwe, ho fumana mabaka a boleng ba dintho;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ