22 Le wena ka pelong o tseba hantle, ke ka makgetlo ba bang le wena o ba rohaka.
22 hobane pelo ya hao e tseba makgetlo a mangata ao le wena o sebileng ba bang ka wona.
Kgosi ya boela ya re ho Shimei: “O tseba bokgopo bohle bo ka pelong ya hao, boo o neng o bo etsetse Davida, ntate. Jwale Morena o o ahlolela bona.
Se mamele dipuo tsohle tsa batho, esere wa utlwa mohlanka wa hao a o rohaka.
Ka bohlale, tsena tsohle ke di lekile, ka re: “Le nna ke sa tla be ke hlalefe!” Empa bohlale ke sitwa ho bo fihlela.
hobane pelong ho tswa mehopolo e kgopo: polao ya sehloho, bofebe, bohlola, boshodu, bopaki ba leshano le diketseletso.
Ka leleme re rorisa Morena, Ntata rona, mme ka lona re bile re rohaka batho bao e leng setshwantsho sa Modimo.