Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 6:6 - BIBELE

6 Leha a ka phela dilemo tse dikete tse pedi, mme a se ke a ithabisa ka maruo a hae, feela o ya sebakeng se le seng le sefolotsana seo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Le hoja a ba a ka phela lemo tse sekete se balwang habedi, a sa ka a bona lehlohonolo, ha ke re, tsohle di ikela nqalong e le nngwe na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 6:6
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ditshiu tsohle tseo Adama a di phetseng e bile dilemo tse makgolo a robong le mashome a mararo; a nto shwa.


o re: “Ke tswetswe ke mme ke le feela, ke tla ya lebitleng ke ntse ke le feela. Morena o na fane, Morena o amohile, ho ke ho roriswe lebitso la hae.”


Ke a tseba hoba o tla nkisa lefung, tlung e kgethetsweng bohle, bohle ba phelang.


“Modimo, hopola: Phelo ba ka bo ka moya feela, mahlo a ka ha a ka ke a bona tse molemo hape.


Tloong, bana ba ka, le mmamele, ke tla le ruta ho tshaba Morena.


lerole le eso busetswe leroleng, moya o kgutlela ho Modimo, Mofani wa wona.


Ya bohlale o na le mahlo a tjhatsi, athe sethoto se itsamaela lefifing. Ha e le nna ka hlokomela hona: Bohle pheletso ya bona e a tshwana.


Ntho tsohle di fella nqa e le nngwe; tsohle di tswa leroleng, mme tsohle di kgutlela leroleng.


Ha monna a ka tswala bana ba lekgolo, mme a phela dilemo tse ngata, ha ho tsotellehe hore na o phela halelele hakae, haeba a ke ke a ithabisa ka maruo ao a hae, le phupu ya hae ya eba e tlontlollang, nna ke re sefolotsana se lehlohonolo ho mo feta.


Le hoja se sa ka sa bona letsatsi, leha e le ho le tseba, se phomotse hamonate ho feta motho eo.


Ho molemo ho etela lapa le aparetswe ke bofifi, ho ena le ho etela lapa la moketeko, hoba lefu ke pheletso ya motho ka mong; ba phelang hona ba ho nahane hantle.


Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang: Ya lokileng le ya kgopo, ya molemo le e mobe, ya hlwekileng le ya sa hlwekang, ya etsang mahlabelo le ya sa etseng mahlabelo. Ya etsang hantle o tshwana le moetsadibe; ya hlapanyang o tshwana le ya sa hlapanyeng.


“Ha ho sa tla ba ngwana ya shwang e le lesea, ha ho motho ya sa tlo qeta lemo tsa hae tsa pallo, ya shwang lemo tsa hae di le lekgolo ho tla thwe o shwele e sa le mohlankana; ya sa qeteng lemo tse lekgolo a phela, yena ke moetsadibe, o rohakehile.


Ha ba sa tla haha matlo, ebe ho wona ho phela basele; ha ba sa tla hlola ba lema, ebe jwale ho ja basele; tjhaba sa ka se tla phela halelele, se phele halelele jwalokaha sefate se phela, bakgethwa ba ka ba je ditholwana, ba je tholwana tsa matsoho a bona.


O tla tshwana le sehlahla se metseng hara lehwatata, ha a ka ke a bona le tse molemo ha di etla. O tla aha matswatlareng a omeletseng a lehwatata, a ahe naheng e lenyekethe, e hlokang baahi.


Batho ba abetswe ho shwa hanngwe, ba nto ahlolwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ