Moeklesia 5:18 - BIBELE18 Yaba ke bona hore ho molemo, ho bile ho lokile hore ka matsatsi a seng makae a bophelo, ao Modimo a mo neileng wona, motho a je, a nwe, a ithabise ka tsohle tsa mosebetsi wa matsoho a hae mona lefatsheng, hobane hoo ke yona kabelo ya hae. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)18 Hoo ke ho lemohileng ke hona: ho leng molemo le ho leng hotle, ke ho ja, le ho nwa, le ho latswa boiketlo ka mokgathala wohle oo motho a ikgathatsang ka wona tlasa letsatsi, ka tshiu tsohle tsa bophelo tseo Modimo o mo neileng tsona; hobane ke yona kabelo eo a e abetsweng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Empa tsena tsohle le tla di jella kapele ho Morena Modimo wa lona, sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha; lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Molevi ya kahara metse ya lona. Kapele ho Morena Modimo wa lona, le tla thabiswa ke tsohle tseo le di sebetsang.