Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 3:19 - BIBELE

19 Tse hlahelang diphoofolo di hlahela le batho. Pheletso ya bona e tshwana le ya diphoofolo; batho ba shwa jwaloka diphoofolo. Motho o phefumoloha moya o tshwanang le oo phoofolo e o phefumolohang. Motho ha a fete phoofolo ka letho, hobane tsohle ke lefeela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Hobane kotsi e hlahelang bana ba batho, e jwalo e hlahela le diphoofolo: bobedi ba bona bo hlahelwa ke kotsi e le nngwe. Mokgwa oo motho a shwang ka wona, le yona phoofolo e shwa jwalo; moya wa bohle o mong; ha ho kamoo motho a fetanang le phoofolo kateng, etswe tsohle e le lefeela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 3:19
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bohle re tlameha ho shwa. Re jwaloka metsi a qhaletsweng fatshe, a ke keng a hlola a bokellwa. Le yena Modimo ha a furalle batho, empa o etsa matsapa a hore ya lelekilweng ke batho a se ke a lahlwa ke Modimo.


Ha o ipata sefahleho, di a tshoha; ha o di amoha moya wa hao, di a shwa, di boele di kgutlele leroleng.


Mabitla a bona ke matlo a bona a mehla yohle, ke leaho la bona ho isa melokong yohle, le hoja dinaha di reeletswe ka bona.


Motho ya phelelang leruo o hloka kelello, o tshwana le diphoofolo tse shwang.


o tla be a yo fihla molokong wa bo-ntatae, ba ke keng ba hlola ba bona lesedi.


Ke bone mesebetsi yohle e etswang mona lefatsheng, empa kaofela ha yona ke mafeela a tshwanang le ho lelekisa moya.


Ka ikemisetsa ho ithuta hore ke utlwisise bohlale le bohlanya le bothoto, empa ka elellwa hore le hona e ntse le ho lelekisa moya feela.


Ya bohlale o na le mahlo a tjhatsi, athe sethoto se itsamaela lefifing. Ha e le nna ka hlokomela hona: Bohle pheletso ya bona e a tshwana.


Ya bohlale, ho tshwana le ya sethoto, a ke ke a hopolwa kamehla le mehla; ka nako e tlang bobedi ba tla lebalwa. Mohlalefi o shwa jwalokaha thoto se eshwa!


Ho molemo ho etela lapa le aparetswe ke bofifi, ho ena le ho etela lapa la moketeko, hoba lefu ke pheletso ya motho ka mong; ba phelang hona ba ho nahane hantle.


Hape ha ho motho ya tsebang hore na nako ya hae e tla tla neng: Jwalokaha tlhapi di tshwaswa ke tlowa le sehloho, kapa dinonyana di tshwaswa ke leraba, batho le bona ba tshwaswa ke nako tse mahlonoko, di ba tsometse ba sa lebella letho.


Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang: Ya lokileng le ya kgopo, ya molemo le e mobe, ya hlwekileng le ya sa hlwekang, ya etsang mahlabelo le ya sa etseng mahlabelo. Ya etsang hantle o tshwana le moetsadibe; ya hlapanyang o tshwana le ya sa hlapanyeng.


Haeba banna bana ba eshwa lefu la Modimo, mme ba eshwa lefu le tshwanang le la batho bohle, e tla ba ha ke a rongwa ke Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ