Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 3:17 - BIBELE

17 Yaba ke bua ka pelo, ke re: “Modimo o tla ahlola ya lokileng le ya kgopo; ntho ka nngwe e na le nako ya yona, ketso ka nngwe e na le nako ya yona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ka ba ka re pelong ya ka: Modimo o tla ahlolela ya lokileng le e mobe, etswe merero yohle le mesebetsi yohle e beetswe nako ya yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 3:17
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgopolo e jwalo, ya ho bolaya ba lokileng le ba kgopo, e ke e be hole le maikutlo a hao! Ho be siyo maikutlong a hao ho tshwantsha ba lokileng le ba kgopo! Na Moahlodi wa lefatshe lohle a ke ke a ahlola ka toka?”


kapele ho Morena, hobane o a tla, o tlilo ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka toka, le ditjhaba ka nnete ya hae.


kapele ho Morena, hobane o tlilo ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka toka, le ditjhaba ka ho loka.


Yaba ke bua ka pelo, ke re: “Ako bone, ke tumme haholo ka ho hlalefa ho feta bohle ba kileng ba busa motseng wa Jerusalema pele ho nna. Ke na le tsebo e ngata ya bohlale le ya thuto.”


Wena mohlankana, ithabise o sa le motjha, o nyakallele matsatsi a botjha ba hao; o latele thato ya pelo ya hao, o tsamaye ho ya ka tjhadimo ya hao; feela o tsebe Modimo o tla o ahlola, a o ahlolele ketso tsohle tsa hao.


Diketso tsohle Modimo o tla di ahlola, esita le tsona tsohle tse entsweng bofihla, ebang di ntle kapa di mpe.


Ka bua ka pelo, ka re: “Ke tla leka ho itukubetsa hara menyaka, ke ithabise.” Empa ka fumana hore le hona e ntse le lefeela.


Dintho tsohle di beetswe dinako tsa tsona, nako tsa ho etsa tsohle mona lefatsheng:


Ntho ka nngwe e na le nako ya kahlolo ya yona, empa bokgopo ba motho bo mo imela haholo.


“Ha mehla ya bofelo e fihla, kgosi ya Egepeta e tla futuhela kgosi ya Siria, empa kgosi eo ya Siria le yona e tla kgahlanyetsa kgosi ya Egepeta jwaloka setsokotsane, ka dikariki tsa ntwa, le ka bapalami ba dipere, le ka dikepe tse ngata. E tla futuhela dinaha tse ngata, e di hohole jwaloka sekgohola.


Empa wena Daniele, mantswe a Buka ena o a etse pinyane, o e bitiele ho fihlela mehla ya bofelo. Ba bangata ba tla e phenyaphenya, kahoo tsebo ya bona e eketsehe.”


Yena a nkaraba, a re: “Ikele, Daniele, hobane mantswe ana ke pinyane, a bitietswe ho fihlela mehla ya bofelo e fihla.


Mora Motho o tla tla ka tlotla ya Ntatae le mangeloi a hae, mme o tla putsa motho ka mong ka ho ya ka seo a se entseng.


Ntate ha a ahlole motho, empa o neile Mora tokelo yohle ya ho ahlola,


A re ho bona: “Ha le a tshwanela ho tseba dinako kapa mehla e taolong ya Ntate,


hobane o beile letsatsi leo ka lona a tla ahlola lefatshe ka toka, ka monna eo a mo kgethileng, mme o neetse bohle bopaki ka ho mo tsosa bafung.”


Ka baka leo, le se ke la ahlola e eso be nako, Morena a eso kgutle, e leng yena ya tla senola tse lefifing, a pepese merero ya dipelo tsa batho. Ke moo e mong le e mong a tla fumana thoriso e mo lokelang ho Modimo.


hobane eka kgona diketso tsa rona bohle di pepeswe pela setulo sa Kreste sa kahlolo, e le hore motho ka mong a amohele se mo lokelang, ka ho ya ka tse ntle kapa tse mpe tseo a di entseng, ha a sa ntsane a phela mmeleng.


Bana beso, ha e le dinako le metsotso ha le hloke hore le ngollwe ka tsona.


Baditjhaba ba ile ba halefa, jwale ha fihla kgalefo ya hao, le nako ya ho ahlola bafu, le ya ho putsa bahlanka ba hao, baporofeta, le bahalaledi, le bohle ba o tshabang, ba banyenyane le ba baholo; le nako ya ho timetsa ba timetsang lefatshe.”


La tshwara kganyapa, noha ya kgale, e leng Diabolosi le Satane, la e holeha ka dilemo tse sekete.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ