Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 3:13 - BIBELE

13 Ha motho ka mong a eja, a enwa, a fumane tse molemo ka mesebetsi ya hae, hoo ke mpho ya Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 ke lemohile hape, hoba, ereha motho a eja dijo, kapa a enwa le ho latswa boiketlo ka mokgathala wohle wa hae, le teng e sa le neo ya Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 3:13
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla ja tholwana tsa mosebetsi, tsa mosebetsi wa matsoho a hao, o tla ba lehlononolo, o be le katleho.


Tloong, bana ba ka, le mmamele, ke tla le ruta ho tshaba Morena.


Ha ho letho le molemo leo motho a ka le etsang, haese hore a je, a nwe, a ithabise ka tseo a di sebeditseng. Empa le teng ke ile ka bona hore tsena o di newa ke Modimo,


Pelong ya ka ka rera ho ithabisa ka veine, feela ke ntse ke sebetsa ka bohlale; ka rera le ho kgomarela bothoto, hore ke tle ke fumane se leng molemo, seo batho ba ka se etsang mona lefatsheng ka nako yohle ya bophelo ba bona.


Modimo o fa motho leruo, matlotlo le tlotla, hoo a sa haellweng ke letho la tseo a di labalabelang, empa Modimo ha a ke a mo fa matla a hore tsena a di je, ebe di jewa ke motho e mong. Hona ke lefeela, ke bobe bo otlang pelo.


Ka baka lena ke thoholetsa boithabiso, hobane mona lefatsheng ha ho ntho e molemo ho motho, haese hore a je, a nwe, mme a nyakalle. O tla nne a nyakalle jwalo ha a le mosebetsing wa hae, ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, ao Modimo a mo neileng wona mona lefatsheng.


Eya, o itjelle dijo ka thabo, o inwelle veine o nyakaletse, hoba Modimo o sa kgahlisitswe ke ketso tsa hao.


Le di jelle moo, kapele ho Morena Modimo wa lona. Wena le ba ntlo ya hao le tla thabiswa ke tsohle tseo le di sebetsang, tseo Morena Modimo wa lona, a le hlohonolofaditseng ka tsona.


Wena, le ba lelapa la hao, le Molevi, le mojaki ya teng hara lona, le tla ithabisa ka tsena tsohle tse molemo, tseo Morena Modimo wa hao, a o neileng tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ