Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 2:26 - BIBELE

26 Modimo o nea motho ya mo kgahlisang bohlale le tsebo le thabo, empa moetsadibe o newa mosebetsi o boima wa ho bokella le ho boloka matlotlo, a tle a a siele ya kgahlisang Modimo. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Efela motho eo o mo ratang, o ye o mo nee bohlale le tsebo le thabo; athe ya etsang sebe, Modimo o ye o mo nee mosebetsi wa ho bokella le ho totisa, hore o tle o nee eo o mo ratang. Hoo le hona ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 2:26
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a re ho Nowe: “Wena, le ba ntlo ya hao, kena ka arekeng, hobane ke bone hore molokong ona ke wena feela ya lokileng mahlong a ka.


Empa ke moya o ka ho motho, e leng moya wa Ya Matla wohle, wona o neang motho kutlwisiso.


Pelo ya motho bohlale e bo filwe ke mang? Mohopolo wona kutlwisiso wa e newa ke mang?


Bona, matsatsi a ka o a lekantse, o a lekantse ka bophara ba seatla, bolelele ba bophelo ba ka hase letho mahlong a hao. Ruri motho ya phelang ke lefeela.


Ke sitetswe wena, wena o inotshi, ke entse bobe mahlong a hao. Ho loka ha hao ho tla bonahala ha o ahlola, le ho hloka kodi ha hao ha o diha nyewe.


Monna ya lokileng o siela tloholo tsa hae lefa, leruo la moetsadibe ke lefa la ba lokileng.


Ke Morena ya fanang ka bohlale, tsebo le kutlwisiso di tswa ho yena.


Ya atisang ruo la hae ka ho le tswadisa, a le atise le ka ho hanyapetsa, o le bokellela ya tla hauhela mafutsana.


Ka ineela ka pelo ya ka yohle ho batla le ho fuputsa ka bohlale, dintho tsohle tse etswang mona lefatsheng. Modimo o neile batho mosebetsi ona o boima hore ba o sebetse ka thata.


Ke bone mesebetsi yohle e etswang mona lefatsheng, empa kaofela ha yona ke mafeela a tshwanang le ho lelekisa moya.


hobane ntle ho Modimo, ke mang ya ka jang, mme a ithabisa?


Ke bone mosebetsi o boima oo Modimo a o neileng batho hore ba o sebetse.


Bobedi ba bona ba ne ba lokile pela Modimo, ba tsamaya melaong le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se moo ba ka nyatsuwang teng.


Ho fihlela jwale ha le eso kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, hore thabo ya lona e be e phethehileng.”


Empa bohlale bo tswang hodimo, pele ho tsohle, bo hlwekile; hape bo na le kgotso le mosa, bo bonolo, bo tletse lereko le ditholwana tse molemo; ha bo na leeme, ha bo iketsise.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ