Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 2:23 - BIBELE

23 Matsatsi wohle a bophelo ba hae ke a ditsietsi, mme mosebetsi wa hae o tletse maswabi. E, bosiu ha a phomole, mme hona le hona ke lefeela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Hobane matsatsi wohle a hae ke a nang le mahloko, mme mosebetsi wa hae ke o nang le maswabi; esita le bosiu, pelo ya hae ha e phomole. Hoo le hona ke lefeela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 2:23
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale ho Adama a re: “Kahobane o mametse polelo ya mosadi wa hao, wa ja sefate seo ke ileng ka o laela, ka re: ‘O se ke wa se ja,’ mobu o rohakehile ka baka la hao. O tla ja tse tswang ho wona ka ho sebetsa ka thata, ka matsatsi wohle a ho phela ha hao.


Jakobo a re ho Faro: “Dilemo tsa bojaki ba ka mona lefatsheng ke lekgolo le mashome a mararo. Dilemo tsa bophelo ba ka di bile kgutshwanyane, tsa eba thata, mme ha di a fihla dilemong tseo bo-ntate ba di phetseng.”


Bosiung bona boo kgosi ya hlobaela, ya ba ya laela hore e tlisetswe buka eo ho ngotsweng diketsahalo tse fetileng ho yona, mme ya e ballwa.


“Motho ya tswetsweng ke mosadi o phela hakgutshwanyane, bophelo ba hae bo aparetswe ke ditsietsi;


motho ditsietsi o tswalwa a di apere, seka tetema e qhomisetsa ditlhase hodimo.”


Ke lefeela ha le tsoha kameso, kapa le dieha ho robala, le itjella bohobe boo le bo fumanang ka thata, athe yena o fa baratuwa ba hae ba ntse ba ithobaletse.


Motsheare le bosiu letsoho la hao le ne le nkimela, moko wa ka o ne o omella jwalokaha eka o tjheswa ke lebatama, lebatama la lehlabula.


Ako re thabise ka matsatsi a lekanang le ao o re hlokofaditseng ka wona, le ka dilemo tse lekanang le tseo re bileng madimabe, ra ba madimabe ka tsona.


Ka ineela ka pelo ya ka yohle ho batla le ho fuputsa ka bohlale, dintho tsohle tse etswang mona lefatsheng. Modimo o neile batho mosebetsi ona o boima hore ba o sebetse ka thata.


Bohlale bo bongata bo tlisa mahlomola a mangata, ya eketsang tsebo o ikekeletsa maswabi.


Ha ke tadima mesebetsi ya matsoho a ka, le ho fufulelwa ha ka ha ke e sebetsa, tsohle e ne le lefeela le kang ho lelekisa moya! Ha ho na moputso mona lefatsheng!


Mosebeletsi o robala boroko, ebang o a lapa kapa o a kgora, empa morui ya hafang ka nkatana ha a bo hlothe ke maruo a hae!


Tshiu tsa hae tsohle o di qeta hara lefifi, a swabile haholo, a kula, a halefile!


Ha ke ntse ke labalabela ho tseba bohlale le ho hlahloba mesebetsi e etswang mona lefatsheng, ka elellwa hore bosiu le motsheare motho ha a robale,


Kgosi ya ikgutlella tlung ya yona ya bokgosi, ya qeta bosiu e sa je letho, ho se le diletsa tseo e di letsetswang, mme ya hlobaela.


Ba matlafatsa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa tumelong, ba re: “Eka kgona re kene Mmusong wa Modimo ka ho feta hara matshwenyeho a mangata.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ