Moeklesia 2:21 - BIBELE21 Motho a ka sebetsa ka bohlale ba hae le ka tsebo le ka toka, empa tsena o tla di siya e le lefa la ya sa di sebeletsang. Hona le hona ke lefeela le bomadimabe bo boholo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)21 hobane o ye a be teng motho eo mosebetsi wohle wa hae o entsweng ka bohlale le ka tsebo le ka masene, athe o tla o siela motho e mong ya sa kang a ikgathaletsa wona. Hoo le hona ke lefeela, ke kotsi e kgolo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ho ne ho eso ka ho eba le mokete wa Paseka o jwalo, o kileng wa eba teng naheng ya Iseraele, ho tloha mehleng ya moporofeta Samuele. Le dikgosi tsohle tsa Iseraele di ne di eso ka di etsa mokete wa Paseka o jwaloka oo Josiya a ileng a o etsa le baprista, le Balevi, le setjhaba sohle sa Juda, le Baiseraele ba neng ba le teng, le baahi ba Jerusalema.