Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 2:19 - BIBELE

19 Ke mang ya tsebang haeba eo o tla ba bohlale kapa e be sethoto? Leha ho le jwalo o tla laola mesebetsi yohle eo ke e entseng mona lefatsheng ka matla a ka le ka bohlale ba ka. Hona le hona ke lefeela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Mme o tsejwa ke mang hore e tla ba mohlalefi, kapa sethoto? Athe ke yena e tla ba monga mesebetsi yohle ya ka eo ke ikgathaleditseng yona, eo ke e entseng ka bohlale tlasa letsatsi. Hoo le hona ke lefeela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 2:19
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Solomone a shwa, a epelwa Motseng wa Davida, ntatae, moo ho epetsweng bo-ntatae, mme Rehoboame, mora wa hae, a mo hlahlama.


Kgosi Rehoboame a araba setjhaba ka ho se kgarumela; a lahla keletso eo bannabaholo ba neng ba mo eleditse ka yona.


Ha ke tadima mesebetsi ya matsoho a ka, le ho fufulelwa ha ka ha ke e sebetsa, tsohle e ne le lefeela le kang ho lelekisa moya! Ha ho na moputso mona lefatsheng!


Kahoo ka itshwabela ka baka la mesebetsi yohle eo ke e entseng mona lefatsheng.


Ka baka leo ke bone hore ha ho letho le molemo ho feta hore motho a ithabise ka tseo a di entseng, hobane hoo ke yona kabelo ya hae. Ke mang ya ka etsang hore motho a bone tse tla etsahala ha a se a shwele?


Ke bone bohlale bona bo bong hape mona lefatsheng, mme ha ke bo tadima ke bona bo le boholo:


“Monga hae a rorisa mookamedi eo ya sa tshepahaleng, kaha a sebeditse ka masene, hobane bana ba lefatshe, molokong wa bona, ba masene ho feta bana ba lesedi.


Mohlodi wa bokgopo bohle ke ho rata tjhelete; ka ho e tjhatjhehela, ba bang ba kgelohile tumelo, ba ikapesa ka maswabi a mangata.


Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le mpho e nngwe le e nngwe e phethehileng, di tswa hodimo, di theoha ho Ramasedi, eo ho yena ho seng phetoho leha e le phifalo.


Empa bohlale bo tswang hodimo, pele ho tsohle, bo hlwekile; hape bo na le kgotso le mosa, bo bonolo, bo tletse lereko le ditholwana tse molemo; ha bo na leeme, ha bo iketsise.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ