Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 2:17 - BIBELE

17 Yaba ke hloya bophelo, hobane mosebetsi o etswang mona lefatsheng o no le bohloko ho nna. Kaofela ha wona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ka ba ka ila bophelo ke ho kgathatswa ke mesebetsi yohle e etswang tlasa letsatsi; ruri tsohle ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 2:17
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elia yena a qeta letsatsi a ntse a tsamaya hara lehwatata. A fihla a dula tlasa sehlahla sa tshinabele, a ikopela hore a shwe, a re: “Ho lekane! Oho, Morena, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bo-ntate ka letho!”


“Eka o ka be o mpata Nqalong ya Bafu, o nketsa bofihla, kgalefo ya hao e be e fete! Eka o ka be o mpalla nako, eo ka yona o tlang ho nkgopola!


Morena, o tla ipata ho fihlela neng? Kgalefo ya hao e tla tuka, e tuke jwaloka mollo ho fihlela neng?


Ke bone mesebetsi yohle e etswang mona lefatsheng, empa kaofela ha yona ke mafeela a tshwanang le ho lelekisa moya.


Ka ikemisetsa ho ithuta hore ke utlwisise bohlale le bohlanya le bothoto, empa ka elellwa hore le hona e ntse le ho lelekisa moya feela.


Ha ke tadima mesebetsi ya matsoho a ka, le ho fufulelwa ha ka ha ke e sebetsa, tsohle e ne le lefeela le kang ho lelekisa moya! Ha ho na moputso mona lefatsheng!


Motho o boellwa keng ka mosebetsi wohle o boima, o mo kgathatsang, oo a o etsang mona lefatsheng?


Mona lefatsheng ka boela ka bona hona: Sebakeng sa kahlolo ka bona bokgopo, sebakeng sa toka ka bona bokgopo.


Kahoo ka lebohela ba seng ba shwele, ho ena le bana ba ntseng ba phela.


Bobedi ba fetwa ke ya eso tswalwe, ya eso ka ba a bona bokgopo, bokgopo bo etswang mona lefatsheng!


Molemo ke ho kgotsofalla seo o se bonang, ho ena le hore takatso ya hao e kgelekgethe. Hona le hona ke lefeela le mafeela, ho tshwana le ho lelekisa moya feela.


Jwale Moya wa mphahamisa, wa nkuka wa ya le nna, ka tsamaya ke utlwile bohloko, ke halefile, mme matla a tswang ho Morena a ntsukutla haholo.


Ka baka leo, oho, Morena, mpe o mpolaye, hobane ho molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”


Ha letsatsi le tjhaba, Modimo a tsosa moya o tjhesang, o hlahang botjhabela, mme letsatsi la bataola Jonase hloohong, hoo a bileng a akgeha. A itakaletsa lefu, a re: “Ho ka ba molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”


O etsetsang hore ke bone mahlomola, ke bone tshenyeho, le dikgoka ke di bone? Kahohle ke dintwa le ditsekisano feela.


Haeba o nketsa tjena, hlo mpolaye hona jwale, ke a o rapela, haeba o nkgauhetse, e le hore ke se ke ka bona bomadimabe ba ka.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ