Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 2:14 - BIBELE

14 Ya bohlale o na le mahlo a tjhatsi, athe sethoto se itsamaela lefifing. Ha e le nna ka hlokomela hona: Bohle pheletso ya bona e a tshwana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ya bohlale o na le mahlo a hae hloohong, athe lewatla le tsamaya lefifing; leha ho le jwalo, ke lemohile hoba bohle hammoho ba hlahelwa ke tsietsi e tshwanang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 2:14
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho tshaba Morena ke ntho e molemo, e ke keng ya fetoha ho isa kgale; dikahlolo tsa Morena ke tsa nnete, kaofela ha tsona di lokile.


Motho a ke ke a phela hoyahoile, a se ke a tseba lebitla.


O tla fela a bone hore le ba bohlale ba a shwa, sethoto le lewatla ba timela ka ho tshwana, ba siele ba bang matlotlo a bona.


Ya bohlale o tseba ho kgetha tsela ya hae, sethoto se ithetsa ka bothoto ba sona.


Bohlale bo mahlong a ya masene, mahlo a sethoto wona a thalatsa kahohle.


Ya bohlale, ho tshwana le ya sethoto, a ke ke a hopolwa kamehla le mehla; ka nako e tlang bobedi ba tla lebalwa. Mohlalefi o shwa jwalokaha thoto se eshwa!


Tse hlahelang diphoofolo di hlahela le batho. Pheletso ya bona e tshwana le ya diphoofolo; batho ba shwa jwaloka diphoofolo. Motho o phefumoloha moya o tshwanang le oo phoofolo e o phefumolohang. Motho ha a fete phoofolo ka letho, hobane tsohle ke lefeela.


Leha a ka phela dilemo tse dikete tse pedi, mme a se ke a ithabisa ka maruo a hae, feela o ya sebakeng se le seng le sefolotsana seo.


Mohlalefi o feta ya sethoto ka eng? Mofutsana o fumanang ka ho tseba ho phela le batho?


Ho molemo ho etela lapa le aparetswe ke bofifi, ho ena le ho etela lapa la moketeko, hoba lefu ke pheletso ya motho ka mong; ba phelang hona ba ho nahane hantle.


Ya tshwanang le mohlalefi ke mang? Ya tsebang ho hlalosa dintho ke mang? Bohlale bo edisa fahleho sa motho, ho tsunkana ha sona ebe ho a fetoha.


Ke bone ho hong hape mona lefatsheng: Ba lebelo hase bona ba siyang kamehla, dinatla hase tsona tse hlolang kamehla, ba bohlale hase bona ba tjhayang kamehla, ba masene hase bona ba ruang kamehla, bahlalefi ha ba dule tulo tse phahameng kamehla; menyetla e tlela bohle ka dinako tsa yona.


Yaba ke re: “Bohlale bo molemo ho feta bonatla!” Empa bohlale ba monna ya futsanehileng bo a nyediswa, le dipolelo tsa hae ha di mamelwe.


Empa ya hloileng ngwanabo o lefifing; o tsamaya lefifing, ha a tsebe moo a yang teng, hobane lefifi leo le foufaditse mahlo a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ