Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 12:8 - BIBELE

8 “Lefeela la mafeela,” ho rialo Moruti, “tsohle ke lefeela!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Lefeela la mafeela, ho bolela Mmoledi, tsohle ke lefeela!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 12:8
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mo tshepeng ka dinako tsohle, mo tshepeng lona tjhaba sa heso, mmuleleng difuba tsa lona. Modimo ke setshabelo sa rona.


Tsena ke dipolelo tsa Moruti, mora wa Davida, eo e neng e le kgosi motseng wa Jerusalema:


Nna, Moruti, ke ne ke le kgosi ya Iseraele, motseng wa Jerusalema.


Ke bone mesebetsi yohle e etswang mona lefatsheng, empa kaofela ha yona ke mafeela a tshwanang le ho lelekisa moya.


Ka ikemisetsa ho ithuta hore ke utlwisise bohlale le bohlanya le bothoto, empa ka elellwa hore le hona e ntse le ho lelekisa moya feela.


“Lefeela la mafeela,” ho rialo Moruti; “lefeela la mafeela, tsohle ke lefeela!”


Yaba ke hloya bophelo, hobane mosebetsi o etswang mona lefatsheng o no le bohloko ho nna. Kaofela ha wona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.


Ka hlokomela hore boikitlaetso bohle le katleho yohle, di tswalwa ke ho honohelana ha batho. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.


Ke mang ya ka tsebang se molemo ho motho bophelong boo bo bokgutshwanyane, boo a fetang ho bona jwalokaha eka ke seriti? Ke mang ya ka mmolellang se tla etsahala moo lefatsheng ha yena a se a iketse?


Motho ha a na matla a ho busa moya wa hae, kapa a ho laola tsatsi la lefu la hae; ha ntwa e kopane ha ho bewe dihlomo fatshe, bokgopo bo ke ke ba lokolla ba bo etsang!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ