Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 12:5 - BIBELE

5 batho ba eso tshabe ho hlwa mekwalaba, ho tsamaya ditseleng ho so be kotsi; moriri wa hlooho o eso pudufale, o eso tsamaye o kokoroha, o kokoroha sa tsienyane, takatso tsa hao tsohle di eso fele; hobane motho o ya boyabatho, mahahabo a mo hlabele sa mmokotsane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 mohla batho ba tla tshaba ho ya dinqalong tse phahameng, mme ho tla tsamauwa ditseleng ka ho tshoha; mohla amanda e tla palesa, le tshitwe e tla kgathatsa, le dijo di tla kgobohela motho, hobane o se a ikela tlung ya hae e sa feleng, mme balli ba potoloha lepatlelong;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 12:5
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a re: “Mora wa ka a ke ke a theoha le lona; moholwane wa hae o shwele, mme ke yena feela ya setseng. Haeba a ka hlahelwa ke kotsi leetong lena la lona, le tla theolela moriri wa ka o moputswa Nqalong ya Bafu ka maswabi.”


Jwale ha le ka nka le enwa, a tloha ho nna, mme a hlahelwa ke kotsi, le tla theolela moriri wa ka o moputswa Nqalong ya Bafu ka maswabi.’


ha a bona hore ha a yo, o tla shwa, mme rona e tla ba re theoletse moriri o moputswa wa mohlanka wa hao, ntata rona, Nqalong ya Bafu ka maswabi.


Bo-raputswe le maqheku ba ka hlakoreng la rona, bannabaholo ba boneng letsatsi pele ho ntatao.


Haeba hae la ka ke Nqalo ya Bafu, eba phate tsa ka ke di ala lefifing;


Ke a tseba hoba o tla nkisa lefung, tlung e kgethetsweng bohle, bohle ba phelang.


Jwale ha ke se ke le leqheku, hlooho e se e le putswa, oho, Modimo, o se ke wa mphuralla, ho fihlela ke senolela meloko yohle e tlang tsa matla a hao le tsa bonatla ba hao,


Moriri o moputswa ke mofapahlooho o kgabane, o fumanwa ke ya phelang ka ho loka.


Tlotla ya batjha ke matla a bona, moriri o moputswa ke bokgabane ba maqheku.


Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Ho fihlela boqhekung ba lona ha ke eso fetohe, ke tla nne ke le pepe ho fihlela le eba bo-raputswe. Ke nna ya le bopileng, mme ke tla nne ke le sike, ke tla nne ke le pepe, ke le namolele.


Lentswe la Morena la boela la mphihlela, la re: “Jeremia, o bonang?” Nna ka araba, ka re: “Ke bona lekala la sefate se kang sa perekisi.”


Ke tla ba qhalanyetsa hara baditjhaba, bao batho bana, esita le bo-ntata bona, ba sa kang ba ba tseba. Ke tla ba fekefa ka sabole ho fihlela ke ba timetsa.”


“ ‘O eme ka maoto ha o bona raputswe, o hlomphe leqheku, mme o tshabe Modimo wa hao. Ke nna Morena.


Batho ba abetswe ho shwa hanngwe, ba nto ahlolwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ