Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 10:15 - BIBELE

15 Thoto se tepeletswa ke mosebetsi wa sona, le tsela e yang motseng ha se e tsebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Mosebetsi wa mawatla o a a kgathatsa, hobane ha a tsebe le hanyenyane ho kgetha tsela e isang motseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 10:15
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba ne ba phaila lefeelleng, ba phaila lehwatateng, ba sa fumane tsela e yang motseng oo ba ka ahang ho wona,


A ba tsamaisa tseleng e otlolohileng, a ba isa motseng oo ba ka ahang ho wona.


Ha selepe se le nthithi, se sa leotswe, eka kgona moratha-patsi a be sefea; athe setsebi se thuswa ke bohlale ba sona.


Sethoto ha se hehla ha se kgaotse! Motho a ke ke a tseba tse tla etsahala; tse tla hlaha hoba a fete di ka senolwa ke mang?


Ho madimabe naha e buswang ke kgosi ya moshanyana, eo mahosana a vona a ketekang e sa le hoseng!


Sethoto se tsamaya tseleng se se na kelello, bohle se ba bolella hore dithoto ke bona.


Le senyetsang tjhelete ka tseo e seng bohobe? Dintho tse sa kgotsofatseng, keng ha le di sebeletsa ka thata? Mmameleng ka hloko, le je tse molemo, meya ya lona e ithabise ka tse monate.


Batho ba lokileng ba a timela, ha ho le ya mong ya keng a nahane hona; ba nang le tumelo le bona ba a fediswa, ha ho ya utlwisisang hona: Ba lokileng ba balehisetswa bobe bo tlang.


“Kaofela ha bona ba tla mo nyedisa, ba mo nyahanye, ba mo nyefole, ba re: ‘Ho madimabe ya ipokellelang tsa boshodu, ya ithuisang ka ho hanyapetsa batho! Hoo ho tla ba jwalo ho fihlela neng?’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ