Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 10:12 - BIBELE

12 Polelo tsa ya bohlale di a kgahleha, athe tsa sethoto tsona di a se timetsa;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mantswe a tswang molomong wa ya bohlale a kgahlisa kahohle, empa melomo ea lewatla e a le timetsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 10:12
36 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Davida o re ho mmolauwa: “Ke wena ya ipolaileng, hobane o boletse ka molomo wa hao, wa re: ‘Ke bolaile motlotsuwa wa Morena!’ ”


Empa polelo tsa ka di ne di tla le kgothatsa, ho bebenya melomo ha ka ho le bebolele tlokotsi.


Morena, se dumelle ditakatso tsa ya kgopo, se dumelle hore di phethahale, le hore merero ya hae e atlehe.


Molomo wa ya lokileng o bolela tsa bohlale, leleme la hae le bua tsa ho loka.


Empa Modimo o ba fula ka metsu ya hae, o ba hlaba ka ho ba tsometsa.


Ya iphapanyetsang phoso o baka moferefere, sethoto se beberang sona se tla timela.


Ya bohlale o tla mamela molao pelong ya hae, sethoto se beberang sona se tla timela.


Polelo tsa ya phasolohang di hlaba jwaloka sabole, leleme la ya bohlale lona le a fodisa.


Leme la ya bohlale le ratisa batho tsebo, empa molomo wa sethoto o kopotsa bothoto.


Karabo e nepahetseng e thabisa monga yona, e tlang ka nako ya yona e molemo hakaakang!


Paki ya bohata e tla ahlolwa, ya buang leshano a ke ke a phonyoha.


Ya ratang pelo e hlwekileng, eo polelo tsa hae di tletseng mohau, kgosi e tla ba motswalle wa hae.


Maele a tswang molomong, molomong wa sethoto, a ka moutlwa o hlabang letsoho la letahwa.


Ha a etswa molomo o bua ka kelello, thuto tsa mosa di tswe lemeng la hae.


Dipolelo tsa bahlalefi di tshwana le ditsenene; maele a bokeletsweng a tshwana le dithakgisa tse kgokgothetsweng fatshe, mme kaofela a tswa ho Modisa a le mong.


Sethoto se phutha matsoho a sona, mme se ipolaye ka bosona.


Se potlakele ho ahlamisa molomo, pelo ya hao e se ke ya ba lehala ho bua ho hong kapela Modimo. Modimo o lehodimong, wena o lefatsheng, kahoo polelo tsa hao di se be kae.


Se dumelle leleme la hao ho o kgannela sebeng, ebe jwale o re ho moromuwa wa Modimo: “Ke entse phoso!” Eba o etsetsang hore Modimo a halefiswe ke dipolelo tsa hao, ebe o fedisa mosebetsi wa matsoho a hao?


Polelo tse bonolo, tse buuwang ke mohlalefi, di molemo ho feta mehoo ya ya busang dithoto.


Motho ya lokileng o ntsha tse lokileng letlotlong le lokileng; athe motho ya kgopo o ntsha tse kgopo letlotlong le lebe.


“A re ho yena: ‘Ke tla o ahlola ka tsa molomo wa hao, mohlanka towe ya kgopo! O tsebile hore ke motho ya thata, ya nkang seo ke sa kang ka se bea, ya kotulang seo ke sa kang ka se jala!


Bohle ba mo paka, ba makalla mantswe a mohau a tswang molomong wa hae, mme ba re: “Ana eo hase mora wa Josefa?”


Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.


Kamehla dipolelo tsa lona e be tse mosa, tse nokilweng ka letswai, mme le ithute ho araba motho ka mong hantle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ