Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 1:17 - BIBELE

17 Ka ikemisetsa ho ithuta hore ke utlwisise bohlale le bohlanya le bothoto, empa ka elellwa hore le hona e ntse le ho lelekisa moya feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Empa eitse ha ke sekamisetsa pelo ya ka tsebong ya hlalefo le tsebong ya bowatla le bothoto, ka lemoha hoba hoo ke mosebetsi o nyopileng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 1:17
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ke ntse ke nahanahana, ke nahana hore ke utlwisise tsena, ka fumana e le ntho e thata,


“Lefeela la mafeela,” ho rialo Moruti, “tsohle ke lefeela!”


Yaba ke hloya bophelo, hobane mosebetsi o etswang mona lefatsheng o no le bohloko ho nna. Kaofela ha wona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.


Pelong ya ka ka rera ho ithabisa ka veine, feela ke ntse ke sebetsa ka bohlale; ka rera le ho kgomarela bothoto, hore ke tle ke fumane se leng molemo, seo batho ba ka se etsang mona lefatsheng ka nako yohle ya bophelo ba bona.


Tse hlahelang diphoofolo di hlahela le batho. Pheletso ya bona e tshwana le ya diphoofolo; batho ba shwa jwaloka diphoofolo. Motho o phefumoloha moya o tshwanang le oo phoofolo e o phefumolohang. Motho ha a fete phoofolo ka letho, hobane tsohle ke lefeela.


Ka hlokomela hore boikitlaetso bohle le katleho yohle, di tswalwa ke ho honohelana ha batho. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.


Seatla se le seng se fupereng kgotso se feta tse pedi tse tshwereng ka thata, tse lelekisang moya feela.


Molemo ke ho kgotsofalla seo o se bonang, ho ena le hore takatso ya hao e kgelekgethe. Hona le hona ke lefeela le mafeela, ho tshwana le ho lelekisa moya feela.


Ha ke ntse ke labalabela ho tseba bohlale le ho hlahloba mesebetsi e etswang mona lefatsheng, ka elellwa hore bosiu le motsheare motho ha a robale,


Bona ke bona bobe bo teng dinthong tsohle tse etsahalang mona lefatsheng. Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang. Dipelo tsa batho di tletse bokgopo, di bile di na le bohlanya ha batho bao ba sa ntsane ba phela, mme hamorao ba balellwa le bafu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ