a o senolela phiri tsa bohlale ba hae, hore bohlale ba sebele bo mehlahlwe-mengata. Tseba Modimo o a o leballa, o o leballa tse ding tsa tshito tsa hao!
Ke tseba le hore tsohle tseo Modimo a di etsang di tla hlola kamehla yohle. Ha ho letho leo motho a ka le eketsang kapa a le fokotsa ho tsona. Modimo o etsa tsena hore batho ba tle ba mo tshabe.
Ka pelong ka labalabela ho batla tsebo, ho fuputsa le ho sibolla bohlale, ho fumana mabaka a boleng ba dintho; ho tseba ha bokgopo e le bothoto, bothoto bona e le bohlanya.
Na Mokushe a ka fetola lebala la hae, kapa lengau la fetola maroboko a lona? Haeba ho jwalo, le lona ba itlwaeditseng tse mpe le ka nna la tseba ho etsa tse ntle!
Baahi bohle ba lefatshe hase letho; o etsa thato ya hae ka mabotho a lehodimo, le ho baahi ba lefatshe o etsa jwalo. Ha ho ya ka thibelang tsoho la hae, kapa a re ho yena: ‘O etsang jwale?’