Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Moeklesia 1:14 - BIBELE

14 Ke bone mesebetsi yohle e etswang mona lefatsheng, empa kaofela ha yona ke mafeela a tshwanang le ho lelekisa moya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ke bone mesebetsi yohle e etswang tlasa letsatsi; mme bonang, tsohle ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Moeklesia 1:14
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Lefeela la mafeela,” ho rialo Moruti, “tsohle ke lefeela!”


Ha ke tadima mesebetsi ya matsoho a ka, le ho fufulelwa ha ka ha ke e sebetsa, tsohle e ne le lefeela le kang ho lelekisa moya! Ha ho na moputso mona lefatsheng!


Yaba ke hloya bophelo, hobane mosebetsi o etswang mona lefatsheng o no le bohloko ho nna. Kaofela ha wona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.


Modimo o nea motho ya mo kgahlisang bohlale le tsebo le thabo, empa moetsadibe o newa mosebetsi o boima wa ho bokella le ho boloka matlotlo, a tle a a siele ya kgahlisang Modimo. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.


Tse hlahelang diphoofolo di hlahela le batho. Pheletso ya bona e tshwana le ya diphoofolo; batho ba shwa jwaloka diphoofolo. Motho o phefumoloha moya o tshwanang le oo phoofolo e o phefumolohang. Motho ha a fete phoofolo ka letho, hobane tsohle ke lefeela.


Batho bao kgosi e tla ba busa ha ba na palo, empa le yona kgosi ha e se e fetile e ke ke ya thabelwa ke ba tla e hlahlama. Ruri le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisana le moya feela.


Ka hlokomela hore boikitlaetso bohle le katleho yohle, di tswalwa ke ho honohelana ha batho. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.


Seatla se le seng se fupereng kgotso se feta tse pedi tse tshwereng ka thata, tse lelekisang moya feela.


Molemo ke ho kgotsofalla seo o se bonang, ho ena le hore takatso ya hao e kgelekgethe. Hona le hona ke lefeela le mafeela, ho tshwana le ho lelekisa moya feela.


Ha ke ntse ke labalabela ho tseba bohlale le ho hlahloba mesebetsi e etswang mona lefatsheng, ka elellwa hore bosiu le motsheare motho ha a robale,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ