Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mattheu 15:19 - BIBELE

19 hobane pelong ho tswa mehopolo e kgopo: polao ya sehloho, bofebe, bohlola, boshodu, bopaki ba leshano le diketseletso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Hobane mehopolo e mebe, dipolao, dipoko, mafebe, dikutso, diketselletso, le dinyefolo, di tswa pelong;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Hobane pelong ho tswa mehopolo e mebe, le dipolao, le bofebe, le bohlola, le boshodu, le bopaki ba leshano, le dinyefolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Hobane pelong ho tswa mehopolo e mebe, le dipolao, le bofebe, le bohlola, le boshodu, le bopaki ba leshano, le dinyefolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mattheu 15:19
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Morena a bona hore bokgopo ba batho lefatsheng bo boholo haholo, le hore mehopolo ya dipelo tsa bona e tletse bobe kamehla.


Ha Morena a utlwa monko o monate, a re ka pelong ya hae: “Ha ke sa tla hlola ke rohaka lefatshe ka baka la motho, hobane mehopolo ya pelo ya motho haesale e le mebe ho tloha botjheng ba hae. Ha ke sa tla boela ke otla dintho tsohle tse phelang, jwalokaha ke entse.


Bothoto bo tlameletswe ka pelong ya ngwana, empa thupa ya tayo e tla bo falatsa ka ho yena.


Merero ya bothoto ke sebe, mosomi o nyonywa ke batho bohle.


Baballa pelo ya hao, e baballe ho feta tsohle, hobane ke yona diba sa bophelo.


o rera thetso ka pelong ya hae, kamehla o jala moferefere.


ya kgopo a furalle ditsela tsa hae, molotsana a furalle mehopolo ya hae, a sokolohele ho Morena wa hae, mme Morena o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane yena o tshwarela haholo.


Maoto a bona a ba mathisetsa sebeng, a bobebe ho tsholla madi a se nang molato, menahano ya bona ke menahano e kgopo, mehlaleng ya bona ke mophula wa tshenyo, le wa timetso.


Pelo e tletse mano ho feta dintho tsohle, e senyehile hoo e ke keng ya phekolwa, ke mang ya ka e utlwisisang?


Hlatswa bokgopo pelong ya hao, o bo hlatswe, o pholohe Jerusalema; pelo ya hao e tla kwetla mehopolo, e kwetle mehopolo e kgopo ho fihlela neng?


Bileame a re ho tonki: “Ke hobane o bapala ka nna! Hoja ke ne ke tshwere sabole, hona jwale nka be ke se ke o bolaile.”


Tsena ke tsona tse silafatsang motho, empa ho ja, motho a sa hlapa matsoho, ha ho mo silafatse.”


Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya tadimang mosadi ka ho mo lakatsa o se a mo febile pelong ya hae.


Jesu, ka ho tseba mehopolo ya bona, a re: “Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona?


Ka baka leo, bakela bokgopo bona ba hao, mme o rapele Morena hore mohlomong o tle o tshwarelwe mohopolo wa pelo ya hao;


Ke a tseba hore ha ho tse lokileng ka ho nna, ke ho re ka bothong ba ka, hobane le hoja ke rata ho etsa tse ntle, empa ketso ha e tshwane le thato.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ