Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 9:42 - BIBELE

42 “Mang le mang ya dihelang sebeng e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho molemo ho yena ha a tlamellwa lelwala molaleng, mme a lahlelwa lewatleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Haele ya ka kgopisang e mong wa ba banyenyane bana ba dumetseng ho nna, ho ka bang molemo ho yena ke ho tlamellwa lelwala le leholo molaleng, a lahlelwe lewatleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

42 E mong le e mong ya ka kgopisang e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho ka ba molemo ho yena hore lelwala le tlamellwa molaleng wa hae, mme a akgelwe lewatleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

42 E mong le e mong ya ka kgopisang e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho ka ba molemo ho yena hore lelwala le tlamellwa molaleng wa hae, mme a akgelwe lewatleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 9:42
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa hore re tle re se ke ra ba kgopisa, eya lewatleng, o akgele selope, mme tlhapi eo o tla e tshwasa pele, o e nke, o e ahlamolle, mme o tla fumana setatera; o se nke, o ba nee sona ho lefella rona le wena.”


“Hlokomelang hore le se ke la nyedisa e mong wa ba banyenyane bana, hobane ke a le bolella: Mangeloi a bona a lehodimong, a bona sefahleho sa Ntate ya mahodimong kamehla.


“Mang kapa mang ya dihelang sebeng e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang ho nna, ho molemo ho yena hore a tlamellwe lelwala molaleng, mme a dihelwe bodibeng ba lewatle.


A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: “Saule! Saule! O ntlhorisetsang na?”


Ha ho le jwalo, re se hlole re ahlolana; le mpe le ikemisetse hore le se ke la kgelosa kapa la dihela ngwanabo lona sebeng.


empa e le jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ba tla be ba bona seo ba esong ho se bolellwe; seo ba esong ho se utlwe ba tla se utlwisisa.”


Bana beso, ke a le rapela hore le fadimehele ba bakang dikarohano, ba le kgelosang thutong eo le ithutileng yona. Le ba sesefe


Hore mosebetsi wa rona o se ke wa nyediswa, ha re ke be re kgopise motho ka letho.


hore le tle le tsebe ho hlalohanya tse nang le thuso. Kahoo le tla hloka kodi le molato mohla Letsatsi la ho tla ha Kreste,


Ka hona nka rata ha bahlolohadi ba sa leng batjha, ba ka nyalwa hape, e le hore ba be le bana, ba tsamaise malapa a bona hantle, ba tle ba se ke ba fa mohanyetsi monyetla wa ho bua hampe.


Ba bangata ba tla ba latela tseleng ya bokgopo, mme ka baka la bona tsela ya nnete e tla nyefolwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ