Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 9:31 - BIBELE

31 hobane o ne a ruta barutuwa ba hae, a ba bolella, a re: “Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho, mme ba tla mmolaya; ha a se a bolailwe, o tla tsoha bafung kamora matsatsi a mararo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Hobane o ne a ruta barutuwa ba hae, a re ho bona: Mora motho o tla neelwa matsohong a batho; ba tla mmolaya, mme hobane a bolawe, o tla tsoha ka tsatsi la boraro.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

31 Hobane o ne a ruta barutuwa ba hae, a re ho bona: Mora motho o neelwa matsohong a batho, mme ba tla mmolaya; mme etlare hobane a bolawe, o tla tsoha ka tsatsi la boraro.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 Hobane o ne a ruta barutuwa ba hae, a re ho bona: Mora motho o neelwa matsohong a batho, mme ba tla mmolaya; mme etlare hobane a bolawe, o tla tsoha ka tsatsi la boraro.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 9:31
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho tloha ka nako eo Jesu a qala ho qaqisetsa barutuwa ba hae hore eka kgona a ye Jerusalema, a yo hlokofatswa haholo ke baholo, le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme ka tsatsi la boraro a tsoswe bafung.


Ka mokgwa o jwalo Mora Motho ha a ya tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.”


“Le a tseba hore kamora matsatsi a mabedi e tla ba Paseka, mme Mora Motho o tla neelwa ho thakgiswa.”


ba re: “Morena, re hopotse hore mothetsi yane ha a sa phela, o ile a re: ‘Ke tla tsoha kamora matsatsi a mararo.’


ba tla mo soma, ba mo tshwele ka mathe, ba mo shape, ba mmolaye, a nto tsoha ka tsatsi la boraro.”


Jesu a qala ho ba ruta hore eka kgona Mora Motho a hlokofatswe haholo, a lahlwe ke baholo, baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme kamora matsatsi a mararo a tsohe bafung.


A re ho bona: “Ehlile Elia o tla tla pele ho busetsa dintho tsohle madulong; athe ho ngotswe jwang ka Mora Motho hore o tshwanetse ho hlokofatswa haholo, le ho nyediswa?


Na Kreste o ne a sa tlameha ho hlokofatswa tjee, a nto kena tlotleng ya hae?”


“Lona, mamelang dipolelo tsena ka hloko, hobane Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho.”


Ha ho ya nkamohang bona, empa ke bo tela ka ho rata. Ke na le tokelo ya ho bo tela, ke na le tokelo ya ho bo fumana hape; taelo ena ke e amohetse ho Ntate.”


Jesu a ba araba, a re: “Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.”


Jwalokaha Moshe a ne a phahamise noha feelleng, eka kgona Mora Motho a phahamiswe jwalo,


haeba re mamella, re tla busa le yena; haeba re mo latola, le yena o tla re latola;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ