Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 9:25 - BIBELE

25 Ha Jesu a bona hore letshwele le mathela ho yena, a kgalemela moya o ditshila ka matla, a re ho wona: “Moya o semumu, o tsebetutu, ke a o laela, tswa ho yena, mme o se ke wa hlola o kena ho yena hape!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Jwale, Jesu ha a bona hobane bongata bo a mo mathela, a kgalemela moya o ditshila, a re: Moya o sa bueng, o sa utlweng, ke a o laela, nna, ke re: Tswa ho yena, mme o se ke wa hlola o kena ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

25 Jesu ha a bona hobane letshwele le matha mmoho, a kgalemela moya o ditshila, a re ho wona: Moya o sa bueng, o sa utlweng, ke a o laela, ke re: Tswa ho yena, mme o se ke wa hlola o kena ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Jesu ha a bona hobane letshwele le matha mmoho, a kgalemela moya o ditshila, a re ho wona: Moya o sa bueng, o sa utlweng, ke a o laela, ke re: Tswa ho yena, mme o se ke wa hlola o kena ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 9:25
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a re ho Satane: “Wena Satane, Morena o a o kgalemela! Morena ya ikgethetseng Jerusalema o a o kgalemela! Na motho eo hase lefatsa le hutsweng mollong le ntse le tuka?”


Yaba ho tliswa ho Jesu monna ya nang le modemona, e le sefofu se semumu. A mo fodisa, mme sefofu se semumu sa bua, sa bona.


Jesu a mo kgalemela, mme modemona wa tswa ho yena, moshanyana a fola ka yona nako eo.


Hanghang ha letshwele lohle le bona Jesu, la makala haholo, mme la mathela ho yena, la mo dumedisa.


Yaba ntata ngwana o a howa, o re: “Ke a dumela; thusa ho hloka tumelo ha ka!”


Wa bokolla, wa mo tsukutla habohloko, mme wa tswa; ngwana a ba jwaloka setopo, hoo ba bangata ba ileng ba re o shwele.


Jesu o ne a leleka modemona o semumu; yare hoba modemona o tswe, semumu sa bua. Matshwele a makala,


Jesu a mo kgalemela, a re: “Thola! Tswa ho yena!” Yaba modemona o tabanya motho eo fatshe hara batho, o tswa ho yena o sa mo ntsha kotsi.


Le bademona ba ne ba etswa ho ba bangata, ba ntse ba howa, ba re: “O Mora wa Modimo!” Empa a ba kgalemela, a se ke a ba dumella ho bua, kaha ba ne ba tseba hore ke Kreste.


Ke hobane Jesu o ne a ile a laela moya o ditshila ho tswa monneng eo. O ne o ye o mo hlasele hangata, a tlangwe ka mahlaahlela le diketane, a lebelwe, empa a kgaole ditlamo tseo, a susumeletswe feelleng ke modemona.


A re a sa atamela, modemona wa tabanya moshanyana fatshe, wa mo akgehisa. Empa Jesu a kgalemela moya oo o ditshila, a fodisa moshanyana, a mo kgutlisetsa ho ntatae.


La etsa hona ka matsatsi a mangata. Empa Paulosi ha a se a tenehile, a reteleha, a re ho moya oo: “Ke o laela ka lebitso la Jesu Kreste hore o tswe ho yena!” Wa tswa ka yona nako eo.


Empa le lengeloi le leholo Mikaele, mohla le neng le tsekisana setopo sa Moshe le Diabolosi, ha le a ka la mo ahlola ka thohako, feela le itse: “Morena a ke a o kgalemele.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ