Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 9:19 - BIBELE

19 A ba araba, a re: “A moloko o sa dumeleng! Ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neneng? Mo tliseng ho nna!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Yaba o araba, a re: Jo! moloko o sa dumeleng, ke tla ba le lona ho isa kae? ke tla le behela pelo ho isa kae? Mo tliseng ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 A mo araba, a re: “Moloko o sa dumeleng, ke tla ba le lona ho fihlela neng? ke tla le mamella ho fihlela neng? mo tlise ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 A mo araba, a re: “Moloko o sa dumeleng, ke tla ba le lona ho fihlela neng? ke tla le mamella ho fihlela neng? mo tlise ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 9:19
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hobane ba ne ba sa dumele, ba sa dumele ho Modimo, ba sa tshepe ho pholoswa ke yena.


Morena a re ho Moshe: “Setjhaba see se tla nnyedisa ho fihlela neng? Se tla hana ho ntumela ho fihlela neng, leha se bone dipontsho tsohle tseo ke di entseng hara sona?


batho bohle ba boneng tlotla ya ka le dipontsho tsa ka tseo ke di entseng Egepeta le lehwatateng, empa ba ntekileng ka makgetlo ana a leshome, ba hana ho mamela lentswe la ka;


“Setjhaba see se kgopo, se nkorotlelang, ke tla se mamella ho fihlela neng? Ke utlwile ho korotla ha bana ba Iseraele, hoo ba nkorotlelang ka hona.


Jesu a araba, a re: “A moloko o sa dumeleng, o kgopo! Ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neneng? Mo tliseng ho nna mona!”


Hamorao a iponahatsa ho ba leshome le motso o mong, ha ba le dijong. A ba kgalemella ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, hobane ha ba a ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.


Kae le kae moo o mo tshwarang, o mo tabanya fatshe, a kgethetse makweba, a tsikitlanye meno, a satalle. Ke ile ka kopa barutuwa ba hao hore ba o leleke, empa ba ile ba hloleha.”


Ba mo tlisa ho yena. Hanghang ha moya o bona Jesu, wa tsukutla ngwana habohloko, mme a wela fatshe a thakginya, a ntse a kgethetsa makweba.


A re ho bona: “Jo, dithoto tse pelo di diehang ho dumela tsohle tseo baporofeta ba ileng ba di bolela!


Jesu a araba, a re: “A moloko o sa dumeleng, o kgopo! Ke tla ba le lona, ke le mamelle ho fihlela neneng? Tlisa mora wa hao kwano!”


“Jwale moya wa ka o ferekane. Ke tla reng? Na ke tla re: ‘Ntate, o mpholose nakong ena?’ Empa ke ka lebaka lena ke fihletsweng ke nako ena.


Yaba o re ho Thomase: “Tlisa monwana wa hao mona, o bone matsoho a ka; o tlise le letsoho la hao, o le kenye lehlakoreng la ka, mme o se ke wa hloka tumelo, o mpe o be le tumelo.”


‘Ke tla ba patela fahleho sa ka,’ ha rialo Morena, ‘ke bone na ba tla fella kae; ke moloko o kgelohileng, wa bana ba hlokang botshepehi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ