Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 8:33 - BIBELE

33 Jesu ha a reteleha, mme a bona barutuwa ba hae, a kgalemela Petrose, a re: “Tloha kapele ho nna, Satane, hobane ha o hopole tsa Modimo, o hopola tsa botho!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Empa yena a reteleha, a tadima barutuwa ba hae, a kgalemela Petrose, a re: Tloha ho nna, Satane, hobane ha o utlwe tsa Modimo, o utlwa tsa batho feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

33 Eitse ha a reteleha, a tadima barutuwa ba hae, a kgalemela Petrose, a re: Tloha ho nna, Satane, hobane ha o utlwe tsa Modimo, empa tsa batho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

33 Eitse ha a reteleha, a tadima barutuwa ba hae, a kgalemela Petrose, a re: Tloha ho nna, Satane, hobane ha o utlwe tsa Modimo, empa tsa batho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 8:33
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Davida o re: “Ekaba taba ya ka le lona, bara ba Seruya, ke efe, ha e le moo kajeno le se le le dira tsa ka? Ka letsatsi lena ha ho motho ya tla bolawa naheng ena ya Iseraele, hobane kajeno ke a tseba hore ke nna kgosi ya Iseraele.”


Empa Jobo a re ho yena: “O bua jwaloka mosadi ya sethoto! Na re ka amohela tse molemo feela tse tswang ho Modimo, yaba ha re amohele tse bohloko?” Ho tsena tsohle, Jobo ha a a ka a etsa sebe ka seo a se buileng.


Ho molemo ha ke otlwa ke ya lokileng, ke kgalemelwa ke yena; hoo ke ole eo hlooho ya ka e ke keng ya e hana, ke tla nne ke rapele leha ba kgopo ba ntshwenya.


“ ‘O se ke wa jara ngwaneno ka pelo. O kgalemele mohaeno, esere wa itjarisa sebe ka baka la hae.


Empa Jesu a se ke a mo araba. Barutuwa ba hae ba tla, ba mo kopa, ba re: “Mo leleke! Bona kamoo a howang a re setse morao kateng!”


Empa Jesu a retelehela ho Petrose, a re: “Tloha ho nna, Satane! O sekgopi ho nna, kahobane ha o hopole tsa Modimo, o hopola tsa botho!”


Empa Jesu a re ho yena: “Tloha, Satane! Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.’ ”


Ba mo etseditseng sakanalankope a ba ya ka mahlo, a re: “Mme le bana beso ke bana!


A ba ya ka mahlo a halefile, a utlwisitswe bohloko ke bothata ba dipelo tsa bona, a re ho motho eo: “Otlolla letsoho!” A le otlolla, mme letsoho la hae la fola.


Yaba Morena o a reteleha, o tadima Petrose, mme Petrose a hopola polelo ya Morena, kamoo a ileng a re ho yena kateng: “Kajeno, pele mokoko o lla, o tla be o se o ntatotse hararo.”


Jesu a mo araba, a re: “Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.’ ”


motho eo a neelwe Satane, ho timetswe mmele wa hae, e le hore moya wona o tle o pholoswe ka Letsatsi la ho tla ha Morena.


Qetello ya bona e tla ba timelo, modimo wa bona ke dijo, ba ithorisa ka tsa bona tse dihlong, ba ikgopolela tsa lefatshe lena.


Ba entseng sebe o ba kgalemele mahlong a bohle, e le hore ba bang bohle ba tle ba tshabe.


Bopaki boo ke ba nnete. Ka lebaka lena o ba kgalemele ka thata, e le hore ba tle ba be le tumelo ya nnete,


Erekaha Kreste a ile a mamella mahloko mmeleng, le lona imatlafatseng ka maikutlo a tshwanang le a hae, hobane ya mameletseng mahloko mmeleng o kgaohane le sebe,


Le se ke la rata lefatshe le tsa lona. Haeba motho a rata lefatshe, lerato la Ntate ha le yo ka ho yena,


“Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, mme ke a ba otla. Tjheseha he, mme o bake.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ