Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 8:31 - BIBELE

31 Jesu a qala ho ba ruta hore eka kgona Mora Motho a hlokofatswe haholo, a lahlwe ke baholo, baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme kamora matsatsi a mararo a tsohe bafung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Yaba Jesu o qala ho ba ruta hore e ka kgona Mora motho a utlwiswe bohloko bo boholo, a lahlwe ke baholo, le ke baprista ba baholo, le bangodi, a bolawe, a ntoo tsoha ka tsatsi la boraro.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

31 A qala ho ba ruta hore Mora motho o tshwanetse ho hlokofatswa haholo, a lahlwe ke baholo, le ke baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme kamora matsatsi a mararo a tsohe bafung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 A qala ho ba ruta hore Mora motho o tshwanetse ho hlokofatswa haholo, a lahlwe ke baholo, le ke baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, a bolawe, mme kamora matsatsi a mararo a tsohe bafung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 8:31
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile lejwe la mantlha;


O ile a nyediswa, a furallwa ke batho, ya eba motho wa mahlomola, ya tsebang mahloko. A tshwana le eo batho ba tshabang le ho mo tadima; o ile a nyediswa, ra se ke ra mo natsa.


Kamora matsatsi a mabedi o tla re phedisa, ka tsatsi la boraro ebe o a re emisa, re tle re phele mmoho le yena.


Yaba Morena o laela leruarua ho metsa Jonase. Jonase a ba ka mpeng ya leruarua leo ka matsatsi a mararo le masiu a mararo.


Jwalokaha Jonase a bile ka mpeng ya leruarua matsatsi a mararo le masiu a mararo, ka mokgwa o jwalo Mora Motho o tla ba ka mpeng ya lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.


Jesu a re ho bona: “Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng: “ ‘Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile lejwe la mantlha; ke Morena ya entseng hona, mme mahlong a rona ke mohlolo’?


ba re: “Morena, re hopotse hore mothetsi yane ha a sa phela, o ile a re: ‘Ke tla tsoha kamora matsatsi a mararo.’


Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng: “ ‘Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile lejwe la mantlha.


Empa eka kgona a hlokofatswe haholo pele, a be a lahlwe ke moloko ona.


Na Kreste o ne a sa tlameha ho hlokofatswa tjee, a nto kena tlotleng ya hae?”


Jwale a re ho bona: “Ke wona mantswe a ka, ao ke ileng ka le bolella wona ha ke sa na le lona, hore eka kgona ho phethahale tsohle tse ngotsweng Molaong wa Moshe, le Baporofeteng, le Dipesalemeng ka nna.”


Ya nkganang, a sa amohele dipolelo tsa ka, o na le ya mo ahlolang: lentswe leo ke le buileng le tla mo ahlola ka tsatsi la bofelo,


Jesu a ba araba, a re: “Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.”


“Moshe enwa, eo ba neng ba mo latole, ba re: ‘Ke mang ya o entseng mmusi le moahlodi?’ ke yena eo Modimo a mo romileng ka thuso ya lengeloi, le iponahaditseng sehlahleng, ho ba mmusi le molopolli.


le hore o ile a patwa, a ba a tsoha bafung ka tsatsi la boraro.


Empa kajeno lona le furaletse Modimo wa lona, e leng yena ya ileng a le pholosa bomadimabeng bohle ba lona, le matshwenyehong wohle a lona. Le itse ho yena: ‘Tjhe, re kgethele kgosi.’ Ka baka leo, itlhahiseng kapele ho Morena, ka merabe yohle ya lona, le ka malapa abo lona.”


Morena a re ho Samuele: “O mamele tsohle tseo setjhaba se di buang ho wena, hobane hase wena eo se mo lahlang; se mpa se lahla nna, hore ke se ke ka se busa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ