Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 6:56 - BIBELE

56 Kae le kae moo a neng a kena metseng le metsaneng le hohle, ba bea bakudi mabaleng a metse, ba mo rapela hore a ba dumelle ho ama leha e le qola ya seaparo sa hae feela, mme bohle ba mo amileng ba fola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

56 Kahohle moo a kenang teng, metsaneng le metseng e meholo, le naheng, ba bea ba kulang mapatlelong, ba mo rapela, hore ba ke ba ame leha e le qola feela ya kobo ya hae; mme bohle ba e amang ba fola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

56 Hohle moo a neng a kena teng, metsaneng, kapa metseng, leha e le masimong, ba bea ba kulang diterateng, ba mo kopa hore ba ame feela mophetho wa seaparo sa hae; mme bohle ba mo amang ba fola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

56 Hohle moo a neng a kena teng, metsaneng, kapa metseng, leha e le masimong, ba bea ba kulang diterateng, ba mo kopa hore ba ame feela mophetho wa seaparo sa hae; mme bohle ba mo amang ba fola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 6:56
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka tsatsi le leng, batho ba ne ba epela setopo, mme ba bona lebothwana la bahlabani. Ba akgela setopo ka lebitleng la Elisha, ba baleha. Ha setopo se thetsa masapo a Elisha, sa tsoha, motho eo a ema ka maoto a hae.


Ba mo kopa hore a ba dumelle ho ama feela qola ya seaparo sa hae mme bohle ba e amileng ba fola.


Yaba mosadi, eo e neng e se e le dilemo tse leshome le metso e mmedi lehatlelo la hae le sa kgaotse, o hlaha Jesu kamorao, o ama qola ya seaparo sa hae,


hobane o ne a fodisitse ba bangata hoo bohle ba nang le mafu ba ileng ba mo kgobokanela hore ba mo ame.


ba matha sebakeng seo sohle, mme ba qala ho mo tlisetsa ba kulang ka diphate hohle moo ba utlwelang hore o hona teng.


Jesu a re: “Tlohelang, ho lekane!” Yaba o ama tsebe ya hae, o a mo fodisa.


Letshwele lohle le ne le batla ho mo ama, hobane matla a ne a etswa ho yena, mme o ne a fodisa bohle.


A tla kamora Jesu, a ama qola ya seaparo sa hae, mme hanghang lehatlelo la hae la kgaotsa.


“Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.”


erekaha kajeno re botsisiswa hodima ketso e molemo e etseditsweng monna ya holofetseng, hore na o fodisitswe kang,


Batho ba ne ba tlisa bakudi ditseleng, ba ba beile dibetheng, le diphateng, e le hore ha Petrose a feta, seriti sa hae bonyane se mpe se sire ba bang ba bona.


“O iketsetse ditjellane diqoleng tse nne tsa seaparo sa hao, seo o itshophang ka sona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ